1Jorame, mora Akabe, a qala ho busa Iseraele a le Samaria, ka selemo sa leshome le metso e robileng meno e mmedi sa Josafate, morena wa Juda; a busa ka lemo tse leshome le metso e mmedi.
2A etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, empa e seng jwaloka ntatae, leha e le jwaloka mmae; hobane a heletsa ditshwantsho tsa Baale, tse entsweng ke ntatae.
3Leha ho le jwalo, a phehella dibe tseo Jeroboame, mora Nebathe, a sebisitseng Iseraele ka tsona, a se ke a di kgeloha.
4Mesha, morena wa Moabe, o ne a ruile mehlape ya dinku; o ne a ntse a ntshetsa morena wa Iseraele lekgetho la dikonyana tse dikete tse lekgolo, le la dipheleu tse dikete tse lekgolo, ka boya ba tsona.
5Yare hoba Akabe a timele, morena wa Moabe a fetohela morena wa Iseraele.
6Mohlang oo, morena Jorame a tswa Samaria, a bala Baiseraele bohle.
7Ha a tloha, a romela ho Josafate, morena wa Juda, ka ho re: Morena wa Moabe o mphetohetse; hleka o tla ya le nna ho lwantsha Moabe na? Yena a re: Ke tla ya; ke ka wena le setjhaba sa ka se ka setjhaba sa hao, le dipere tsa ka di ka pere tsa hao.
8A ba a re: Re tla ya ka tsela efe? Yena a re: Ka tsela e yang le lefeella la Edomo.
9Yaba morena wa Iseraele, le morena wa Juda, le morena wa Edomo a tloha, a potoloha ka ditshiu tse supileng; ha hlokahala metsi a makgotla le a dipelesa tse a latelang.
10Morena wa Iseraele a re: Jo! Jehova o bitsitse marena ana a mararo, ho a neela matsohong a Bamoabe!
11Josafate a re: Hleka ha ho moporofeta wa Jehova mona, eo re ka botsang Jehova ka yena na? E mong wa bahlanka ba morena wa Iseraele a fetola, a re: Elisha, mora Shafathe, o teng, ya neng a tshella Elia metsi matsohong.
12Josafate a re: Lentswe la Jehova le ho yena. Ebile morena wa Iseraele, le Josafate, le morena wa Edomo, ba theohela ho yena.
13Elisha a re ho morena wa Iseraele: Ke na le taba efe le wena? Ikele ho baporofeta ba ntatao le ho baporofeta ba mmao! Empa morena wa Iseraele a re ho yena: Tjhe, hobane Jehova o bitsitse marena ana a mararo, ho a neela matsohong a Bamoabe.
14Elisha a re: Ka Jehova wa makgotla ya utlwang, eo ke emeng pela hae, hoja ha ke ele Josafate, morena wa Juda, hloko, nka be ke sa o shebe le ho o tadima.
15Jwale, ntlisetseng moletsi wa harepa. Yare ha moletsi wa harepa a letsa harepa, letsoho la Jehova la eba hodima Elisha.
16A re: Ho thwe ke Jehova: Tjhekang dikotikoti sekgutlong sena;
17hobane ho thwe ke Jehova: Le ke ke la bona moya, le ke ke la bona le pula; leha ho le jwalo, sekgutlo sena se tla tlala metsi, le tle le nwe, lona le dikgomo tsa lona le dipelesa tsa lona.
18E nyenyane taba ena mahlong a Jehova: hape, o tla be a neele le Bamoabe matsohong a lona.
19Le tla fedisa metse yohle e dikilweng ka marako, le metse yohle e metle; le tla rema difate tsohle tse monate, le kate didiba tsohle tsa metsi, le senye masimo wohle a matle ka majwe.
20Yare hosasane, ka nako ya ho hlahisa sehlabelo, ba bona metsi a etla ka tsela ya Edomo, lefatshe la ba la tlala metsi.
21Haele Bamoabe bohle, ha ba utlwa hobane marena ao a tlile ho ba lwantsha, ha bokangwa bohle ba ka hlomelang, ho isa le ho ba hodileng, mme ba ema moeding.
22Yare hosasane, ha ba tsoha e sa le hosasa, letsatsi la tjhabela metsi; Bamoabe ba bona metsi maloka le bona, a le mafubedu jwaloka madi.
23Ba re: Ke madi; efela marena ao a bolayane, a timetsane. Helang! Bamoabe, a re yeng ho hapa.
24Empa ha ba fihla diahelong tsa Iseraele, Baiseraele ba tsoha, ba qhala Bamoabe, bao ba ba ba baleha pela bona; yabe esale ba eya ba ntse ba bolaya Bamoabe, ho ya kena naheng ya bona.
25Ba qhaqha metse; e mong le e mong a akgela lejwe la hae masimong wohle a matle; ba kata didiba tsohle tsa metsi, ba rema difate tsohle tse monate; ba betsang ka letjeketjane ba teela Kire-Haresethe hare, ba o senya, ba siya majwe feela.
26Morena wa Moabe, ha a bona a hlotswe ke ntwa, a inkela banna ba makgolo a supileng, ba tshwereng disabole, a tle a phunye ho fihla moreneng wa Edomo, ba mpa ba sitwa.
27Yaba o nka mora hae wa letsibolo, ya beng a tshwanetse ho mo hlahlama boreneng, a mo etsa sehlabelo sa setjheso hodima lerako. Yaba Baiseraele ba halefelwa haholo, ba ba ba tloha, ba boela naheng ya bona.
Who We AreWhat We EelieveWhat We Do
2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.