MOEKLESIA 5 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Motho a itsamaele ka kelello mahareng a tsohle tse leng teng lefatsheng.

1Lebela maoto a hao ha o kena ka tlung ya Modimo; ho atamela ho mamela ditaba, ho hotle ho ena le ho hlaba sehlabelo sa mawatla; hobane ha a tsebe hobane a etsa hampe.

2O se ke wa potlakisa molomo wa hao, pelo ya hao e se ke ya akofa ho bua taba pela Modimo; hobane Modimo o mahodimong, athe wena, o lefatsheng; ha ho le jwalo, mantswe a hao a be a se makae;

3hobane jwalokaha toro e etswa bongateng ba mesebetsi, ho jwalo molomo wa lewatla o tsejwa ka bongata ba mantswe.

4Ha o ikanela ho Modimo ka kano, se diehe ho e phetha; hobane ha o kgahlwe ke mawatla. Phetha kano eo o e entseng.

5Ho leng molemo ke ho se etse kano, ho ena le ho e etsa, o sa e phethe.

6O se ke wa lesela molomo wa hao ho o isa, o se ke wa bolela pela lenqosa la Modimo, wa re: Ke ne ke bua feela! esere Modimo wa halefela lentswe la hao, wa senyetsa mosebetsi wa matsoho a hao.

7Hobane jwalokaha ditoro tse ngata e le lefeela, ho jwalo le mantswe a mangata. Ha ho le jwalo, tshaba Modimo.

8Leha o bona naheng e nngwe mofutsana ha a tujwa, le ho loka le toka ha di kgopamiswa, o se ke wa makala ke hoo; hobane ya phahameng hodimo ho ya phahameng o teng, o a lebela, mme Mookamedi o teng ya hodimo ho bona ba babedi.

9Molemo o moholo wa naha e nngwe ke hore morena a be teng ya disang naha e lemilweng.

10Ya ratang silefera, silefera e ke ke ya mo kgorisa; ya ratang ho phela ka nala, le yena a ke ke a hola ka yona. Hoo le hona ke lefeela.

11Ha monono o ata, ba o jang le bona ba ata; ha ho le jwalo, monga wona o ruang ka wona, haese ho iponela wona ka mahlo a hae?

12Boroko ba motho ya sebetsang bo monate, leha a eja haholo, leha a eja hanyenyane; empa kgora ya morui ha e mo fe boroko.

13Ho na le kotsi e bohloko eo ke e boneng tlasa letsatsi: ke leruo le sotofatsang monga lona ya le bokeletseng;

14ruo leo le ye le senyehe ka tsietsi e nngwe; ereha a tswetse mora, ho ke ke ha sala letho letsohong la hae;

15jwalokaha a ne a tswile mpeng ya mmae, o tla ikgutlela a le feela, a ikele jwalokaha a tlile; o tla ya a sa nke letho mokgathaleng wa hae, leo a ka yang le lona a le fuparetse ka letsoho.

16Hoo le hona ke kotsi e bohloko; kamoo a neng a tlile kateng, o ikela jwalo; mme o ruang ka mokgathala wa hae wa lefeela?

17Athe o phetse ditshiu tsohle tsa bophelo ba hae pelo ya hae e le ntsho, a swabile haholo, a le bohloko, a hlonamile.

18Hoo ke ho lemohileng ke hona: ho leng molemo le ho leng hotle, ke ho ja, le ho nwa, le ho latswa boiketlo ka mokgathala wohle oo motho a ikgathatsang ka wona tlasa letsatsi, ka tshiu tsohle tsa bophelo tseo Modimo o mo neileng tsona; hobane ke yona kabelo eo a e abetsweng.

19Efela ha Modimo o neile motho e mong leruo le monono, ha o mo neile le tokelo ya ho di ja le ho ingwathela ho tsona le ho thabela mosebetsi wa hae, hoo ke mpho ya Modimo;

20hobane a ke ke a hopola bokgutshwanyane ba tshiu tsa ho phela ha hae haholo, etswe Modimo o mo hauhela ka ho mo thabisa pelo.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help