BAAHLODI 17 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Setshwantsho se rapelwang ha Mika, Moefraime, le Molevi, moprista wa sona. — Setshwantsho seo se utsuwa ke Badane. — Badane ba hapa Laishe. — Ba emisa setshwantsho teng.

1Monna e mong o ne a le teng thabeng ya Efraime, bitso la hae e le Mika.

2A re ho mmae: Dishekele tsa silefera tse sekete se nang le lekgolo, tse utswitsweng ho wena, tseo o kileng wa rohaka ka baka la tsona, wa di bolela ke le teng, bona, tjhelete tseo di ho nna; ke nna ke neng ke di nkile. Mmae a re ho yena: Mora ka a ke a hlohonolofatswe ke Jehova!

3Eitse hobane a busetse ho mmae shekele tseo tse sekete se nang le lekgolo, mmae a re: Ke kgethela Jehova ditjhelete tseo ka letsoho la ka, hore ka tsona ho etsetswe mora ka setshwantso se betlilweng le setshwantsho se tsholotsweng; ka ho etsa hoo, ke tla di busetsa ho wena.

4Mika a busetsa tjhelete tseo ho mmae, mme mmae a nka dishekele tse makgolo a mabedi, a di nea setsholli; sa di etsa setshwantsho se betlilweng le setshwantsho se tsholotsweng, mme tsa dula tlung ya Mika.

5Monna eo, Mika, o ne a na le ntlo ya modimo; a iketsetsa le efoda le diterafime, mme a kgetha e mong wa bara ba hae, a mmea moprista wa hae.

6Mehleng eo, ho ne ho se morena Iseraeleng; e mong le e mong o ne a iketsetsa kamoo a ratang kateng.

7Ho ne ho na le mohlankana wa Bethlehema-Juda, wa leloko la Juda, e le Molevi, a aheletse hona teng.

8Monna eo a falla motseng wa Bethlehema-Juda, ho ya jaka moo a ka fumanang sebaka teng. A re a sa le leetong la hae, a fihla ha Mika, thabeng ya Efraime.

9Mika a re ho yena: O tswa kae? A re ho yena: Ke Molevi wa Bethlehema-Juda, ke ya jaka moo nka fumanang sebaka teng.

10Mika a re ho yena: Dula le nna, o be ntate le moprista wa ka; nna, ke tla o nea dishekele tse leshome ka selemo se seng le se seng, le diaparo tsa hao le dijo tsa hao.

11Yaba Molevi o kena teng. Molevi a dumela ho dula le monna eo, mme mohlankana eo a ba ho yena jwaloka hoja eka ke e mong wa bara ba hae.

12Mika a bea Molevi, mme mohlankana eo ya eba moprista wa hae, a dula tlung ya Mika.

13Mika a re: Jwale, ke a tseba hobane Jehova o tla nketsa hantle, hobane ke na le moprista wa Molevi.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help