I SAMUELE 24 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Davida o tshabela lehaheng la Ene-Gedi. — Saule o qenehelwa ke yena.

1Saule, ha a kgutla ho phallela Bafilesta, a tsebiswa, ha thwe: Bona, Davida o feelleng la Ene-Gedi.

2Kahoo, Saule a nka batho ba kete tse tharo, ba kgethilweng hara Baiseraele bohle, a ya batla Davida le banna ba hae mafikeng a dikome.

3Ha a ntse a tsamaya, a fihla metebong ya dinku, moo lehaha le leng teng. Saule a kena teng ho apesa maoto a hae, athe Davida le banna ba hae ba ne ba le harehare ho lehaha.

4Ha ho le jwalo, banna ba Davida ba re ho yena: Bona, ke lona letsatsi leo Jehova a o boleletseng lona, a re: Bona, ke tla neela sera sa hao matsohong a hao. Tloo jwale, o etse ka Saule kamoo o ratang kateng. Ebile Davida o tsoha, a seha moleka wa kobo ya Saule ka senya.

5Kamorao, pelo ya Davida ya hlabeha ka baka la hobane a sehile moleka wa kobo ya Saule.

6A re ho banna ba hae: Jehova a nkganele, ke se ke ka etsa taba e jwalo ho monga ka, motlotsuwa wa Jehova, ka isa letsoho la ka ho yena, etswe e le motlotsuwa wa Jehova.

7Davida a hanela banna ba hae ka taba eo, a se ke a ba dumella ho tsohela Saule matla. Ebile Saule o tsoha fatshe, a tswa lehaheng, a ikela ka tsela ya hae.

8Kamorao, le yena Davida a tsoha, a tswa lehaheng, a howeletsa Saule, a re: Morena, monga ka! Saule ha a reteleha, a bona Davida a inamela fatshe ka sefahleho, a kgumama.

9Davida a re ho Saule: O mamellang mantswe a batho ba reng: Bona, Davida o batla ho o ntsha kotsi?

10Bona, kajeno lena mahlo a hao a bone kamoo Jehova a neng a o neetse matsohong a ka kateng, re le lehaheng; ba bang ba itse, ke o bolaye; ka mpa ka o qenehela, ka re: Nke ke ka isa letsoho la ka ho monga ka, hobane ke motlotsuwa wa Jehova.

11Hape ntate, bona moleka wa kobo ya hao o letsohong la ka; hobane ke sehile moleka wa kobo ya hao, ke sa o bolaye; o tsebe kahoo, le ho bona hobane ha ho bobe leha e le molato ho nna; hape, ha ke eso ho o sitelwe ka letho; leha ho le jwalo, o ntse o mphallela ho nkamoha ho phela ha ka!

12Jehova a ahlole mahareng a ka le wena, Jehova a mpheteletse ho wena! Haele letsoho la ka, le ke ke la eba ho wena.

13Jwalokaha maele a baholo, a re: Ho bakgopo ho tswa bokgopo; ha ho le jwalo, letsoho la ka le ke ke la eba ho wena.

14Morena wa Iseraele o tswile ho batla mang? O phallela mang? O phalletse ntja e shweleng, kapa letsetse!

15Jehova a kgethe, a ahlole mahareng a ka le wena, a bone, mme a nkemele nyeweng ya ka, mme a nnamolele matsohong a hao.

16Eitse hobane Davida a qetelle ho bua taba tseo ho Saule, Saule a re: Na ke lentswe la hao, Davida, mora ka, na? Saule a ntoo phahamisa lentswe la hae, a lla.

17A boela a re ho Davida: Wena, o mphetisa ka ho loka, hobane o nkentse hantle, athe nna ke o entse hampe.

18O bonahiditse kajeno kamoo o nkgauhetseng kateng; kahobane Jehova o ba a nneetse matsohong a hao, mme ha o a ka wa mpolaya.

19Athe ha motho a fumana sera sa hae, a ke ke a se dumella sa ya se iketlile. Jehova a o etse hantle bakeng sa seo o nkentseng sona kajeno.

20Bona jwalo, ke a tseba hobane o tla ba morena ruri, le mmuso wa Iseraele o tla tiya matsohong a hao.

21O ke o ntlhapanyetse jwale ka Jehova hobane ha o ka ke wa timetsa bana ba ka ba ntlhahlamang, leha e le ho fedisa lebitso la ka tlung ya ntate.

22Ebile Davida o hlapanyetsa Saule, Saule a ntoo kgutlela hae, Davida yena le banna ba hae ba boela diqhobong.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help