1O re boloke, Jehova, etswe ba molemo ba fela, mme batshepehi ba timela hara bana ba batho.
2Ba etsetsana mashano ba bang ho ba bang; qeko e melomong ya bona, ba bua ba ena le pelo tse pedi.
3Jehova a ke a fedise melomo e qekang, le leleme le ikakasang ka tse kgolo,
4e leng bona ba reng: Re tla qhala ka maleme a rona; melomo ke ya rona; ya ka re busang ke mang?
5Ka baka la tsietsi ya bafumanehi, le la masisapelo a basenyehi, ke tla tsoha hona jwale, ho bolela Jehova, mme ke tla fa thuso ho ba hloriswang.
6Mantswe a Jehova ke mantswe a hlwekileng, a jwaloka silefera e qhibilisitsweng fatshe, e bedisitsweng hasupa.
7Ba tla bolokwa ke wena, Jehova, ka sebele; o tla ba sireletsa ho lesika lena ka ho sa yeng kae.
8Ha bobe bo phahamiswa hara batho, bakgopo ba itsamaela hohle.
Who We AreWhat We EelieveWhat We Do
2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.