1Ke ena buka ya leloko la Adama. Ka letsatsi leo Modimo o neng o bope motho ka lona, o mmopile ka setshwantsho sa Modimo.
2Wa bopa e motona le e motshehadi, wa ba hlohonolofatsa, mme wa ba rea lebitso la motho, mohla ba bopjwang.
3Adama a phela dilemo tse lekgolo le mashome a mararo, a tswala mora ka setshwantsho sa hae le ka sebopeho sa hae, a mo rea lebitso la Setha.
4Eitse hobane Adama a tswale Setha, a phela dilemo tse makgolo a robileng meno e le mmedi; a tswala bara le baradi.
5Ditshiu tsohle tseo Adama a phetseng ka tsona, e bile dilemo tse makgolo a robileng mono o le mong a mashome a mararo; mme a shwa.
6Setha a phela dilemo tse lekgolo le metso e mehlano; a tswala Enose.
7Eitse hobane Setha a tswale Enose, a phela dilemo tse makgolo a robileng meno e le mmedi le metso e supileng; a tswala bara le baradi.
8Ditshiu tsohle tsa Setha e bile dilemo tse makgolo a robileng mono o le mong a leshome le metso e mmedi; mme a shwa.
9Enose a phela dilemo tse mashome a robileng mono o le mong, mme a tswala Kenane.
10Eitse Enose ha a tswetse Kenane, a phela dilemo tse makgolo a robileng meno e le mmedi a leshome le metso e mehlano; a tswala bara le baradi.
11Ditshiu tsohle tsa Enose ya eba dilemo tse makgolo a robileng mono o le mong a metso e mehlano; mme a shwa.
12Kenane a phela dilemo tse mashome a supileng, mme a tswala Mahalaleele.
13Kenane ha a se a tswetse Mahalaleele, a phela dilemo tse makgolo a robileng meno e mmedi a mashome a mane; mme a tswala bara le baradi.
14Ditshiu tsohle tsa Kenane ya eba dilemo tse makgolo a robileng mono o le mong le leshome le le leng; mme a shwa.
15Mahalaleele a phela dilemo tse mashome a tsheletseng a metso e mehlano; mme a tswala Jerede.
16Eitse Mahalaleele ha a tswetse Jerede, a phela dilemo tse makgolo a robileng meno e mmedi a mashome a mararo; mme a tswala bara le baradi.
17Ditshiu tsohle tsa Mahalaleele ya eba dilemo tse makgolo a robileng meno e mmedi a mashome a robileng mono o le mong a metso e mehlano; mme a shwa.
18Eitse Jerede ha a phedile dilemo tse lekgolo le mashome a tsheletseng a metso e mmedi, a tswala Henoke.
19Jerede eitse hobane a tswale Henoke, a phela dilemo tse makgolo a robileng meno e le mmedi; mme a tswala bara le baradi.
20Ditshiu tsohle tsa Jerede ya eba dilemo tse makgolo a robileng mono o le mong a mashome a tsheletseng a metso e mmedi; mme a shwa.
21Henoke a phela dilemo tse mashome a tsheletseng a metso e mehlano; mme a tswala Methusela.
22Henoke ha a tswetse Methusela, a tsamaya le Modimo ka dilemo tse makgolo a mararo; mme a tswala bara le baradi.
23Ditshiu tsohle tsa Henoke ya eba dilemo tse makgolo a mararo a mashome a tsheletseng a metso e mehlano.
24Henoke a tsamaya le Modimo; mme a ba siyo, hobane Modimo wa na wa mo nka.
25Methusela ha a phedile dilemo tse lekgolo le mashome a robileng meno e mmedi a metso e supileng, a tswala Lemeke.
26Methusela ha a tswetse Lemeke, a phela dilemo tse makgolo a supileng a mashome a robileng meno e mmedi a metso e mmedi; mme a tswala bara le baradi.
27Ditshiu tsohle tsa Methusela ya eba dilemo tse makgolo a robileng mono o le mong a mashome a tsheletseng a metso e robileng mono o le mong; mme a shwa.
28Lemeke ha a phedile dilemo tse lekgolo le mashome a robileng meno e mmedi a metso e mmedi, a tswala mora.
29A mo rea lebitso la Nowe, a re: Enwa o tla re phomotsa mosebetsing wa rona le mokgathaleng wa matsoho a rona ho tswang lefatsheng le rohakilweng ke Jehova.
30Lemeke ha a tswetse Nowe, a phela dilemo tse makgolo a mahlano a mashome a robileng mono o le mong a metso e mehlano; mme a tswala bara le baradi.
31Ditshiu tsohle tsa Lemeke ya eba dilemo tse makgolo a supileng a mashome a supileng a metso e supileng; mme a shwa.
32Nowe a phela dilemo tse makgolo a mahlano, a ntoo tswala Sema, le Kama, le Jafeta.
Who We AreWhat We EelieveWhat We Do
2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.