I DIKRONIKE 18 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Davida o hlola Bafilesta, le Bamoabe, le Basiria, le Baedomo. — Matona a Davida.

1Kamora tseo, Davida a fenya Bafilesta, a ba kokobetsa, mme a amoha Bafilesta Gathe le metsana ya naha ya teng.

2A hlola le Bamoabe, mme Bamoabe ya eba bafo ba Davida, ba mo ntshetsa lekgetho.

3Davida a hlola le Hadaresere, morena wa Tsoba pela Hamathe, ha a ne a ya hloma borena ba hae pela noka ya Eufrate;

4Davida a hapa makoloi a hae a sekete se le seng, le bapalami ba dikete tse supileng, le ba maoto ba dikete tse mashome a mabedi. Davida a kgaola mesifa ya maoto a dipere tsa makoloi kaofela, a ipolokela tsa makoloi a lekgolo feela.

5Yaba Basiria ba Damaseka ba tla, ba re ba tlatsa Hadaresere, morena wa Tsoba; Davida a bolaya Basiria ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mmedi.

6Davida a ntoo bea balebedi naheng ya Siria ya Damaseka, mme Basiria ya eba bafo ba Davida, ba mo ntshetsa lekgetho. Jehova a nna a boloka Davida jwalo hohle moo a yang.

7Davida a hapa dithebe tsa kgauta tse neng di le ho bahlanka ba Hadaresere, mme a ya le tsona Jerusalema.

8Hape, Davida a nka metseng ya Hadaresere, Thibhathe le Kune, koporo e ngata haholo, eo Salomone a kileng a etsa letsha la koporo le ditshiya le dipitsa tsa koporo ka yona.

9Eitse ha Thou, morena wa Hamathe, a utlwa hoba Davida o hlotse makgotla wohle a Hadaresere, morena wa Tsoba,

10a romela mora hae Hadorame ho morena Davida ho ya mo dumedisa le ho mo leboha, kamoo a lwantshitseng Hadaresere kateng, a bileng a mo hlotse; hobane Hadaresere o ne a lwantsha Thou kamehla. Hadorame a tlisa diphahlo tse mefutafuta ya kgauta le ya silefera le ya koporo.

11Morena Davida a di kgethela Jehova, hammoho le silefera le kgauta tseo a neng a di hapile ditjhabeng tsohle, e leng ho Edomo, le Moabe, le bana ba Ammone, le Bafilesta, le Amaleke.

12Abishai mora Tseruja, a qhala Baedomo Thoteng ya Letswai, e le batho ba dikete tse leshome le metso e robileng meno e le mmedi.

13A bea balebedi Edomo, mme Baedomo bohle ya eba bafo ba Davida. Jehova a nna a boloka Davida jwalo hohle moo a yang.

14Davida ya eba morena wa Baiseraele bohle, mme a nna a etsa setjhaba sa hae kaofela ka ho loka le ka bokgabane.

15Joabe, mora Tseruja, e ne e le molaodi wa makgotla; Josafate, mora Akilude, e ne e le mmoloki wa mangolo a mmuso;

16Tsadoke, mora Akitube, le Abimeleke, mora Abiathare, e ne e le baprista; Shavsha e ne e le mongodi;

17Benaia, mora Jehojada, e ne e le molaodi wa Bakerethe le Bapelethe; bara ba Davida bona e ne e le ba kapele ho ba bang pela morena.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help