DIPESALEME 57 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Thapelo ya motho ha a tla ya robala a le nahathothe.Ho monga baphokodi. Ka pina ya Aletashethe. Sefela sa Davida, sa mohla a ipatileng lehaheng, ha a baleha pela Saule.

1Nkgauhele, Modimo, o nkgauhele! Hobane moya wa ka o ipatlela setshabelo sa wona ho wena, ke balehela moriting wa mapheo a hao, ditshenyo tsena di be di fete.

2Ke howeletsa ho Modimo, Mookamedi ya phahameng, Modimo o sebetsang bakeng sa ka!

3O ya romela, o le mahodimong, ho tla mpoloka, ha ba mpefeletsweng ba nnyedisa. (Sela.) Modimo o tla romela mohau wa wona le nnete ya wona.

4Moya wa ka o hara ditau, ke robala hara batho ba phutsalatsang malakabe a mollo, hara batho bao meno a bona e leng marumo le metsu; le maleme a bona ke matlele a bohale.

5Modimo, o iphahamise, o be o okamele mahodimo; kganya ya hao e bonahale lefatsheng lohle!

6Ba ne ba tjhehile leraba tlasa maoto a ka; moya wa ka o ne o kobehile. Ba ne ba tjhekile lemena pela ka, ho wetse bona ho lona. (Sela.)

7Modimo, pelo ya ka e tiile, pelo ya ka e tiile. Ke rata ho o roka ka dipina le ka difela.

8Kubuloha moya wa ka; kubulohang, lona thomo le harepa ya ka! Ke tla tsoha le mafube a meso!

9Morena, ke tla o rorisa hara batho, ke o roke hara ditjhaba;

10hobane mohau wa hao o moholo ho ya fihla mahodimong, le nnete ya hao ho isa marung.

11Modimo, o iphahamise, o be o okamele mahodimo; kganya ya hao e bonahale lefatsheng lohle!

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help