1Jehova, o nnamolele ho batho ba babe; o ntwele ho batho ba bohale,
2ba rerang bobe dipelong tsa bona, ba tsosang ntwa kamehla.
3Ba tjhaditsa maleme a bona jwaloka dinoha, mahloko a marabe a katlasa melomo ya bona. (Sela.)
4Jehova, ntshireletse letsohong la e mobe, o mpoloke ho batho ba bohale, ba rerang ho kgothometsa maoto a ka!
5Baikakasi ba mpatetse mamena le maraba, ba tjheha difi mosikong wa tsela, ba ntjhehetse mamena. (Sela.)
6Ke ntse ke re ho Jehova: O Modimo wa ka. Jehova, o sekehele lentswe la dithapedisiso tsa ka tsebe!
7Jehova Morena, matla a poloko ya ka, o sirela hlooho ya ka ka letsatsi la ntwa.
8Jehova, o se ke wa fa e mobe kamoo a lakatsang kateng; o se ke wa netafatsa morero wa hae, esere a ithorise hampe. (Sela.)
9Ba ntikang a ba ke ba welwe ke ditshokelo tse tswileng melomong ya bona!
10Mashala a hlenneng a ke a hlohlorehele hodima bona! Ba ke ba dihelwe malakabeng le mohomeng, ba tle ba se ke ba boela ba tsoha.
11Motho ya leleme le lebe a ke ke a tiya lefatsheng, motho ya bohale o tla welwa ke dikotsi, a dihuwe.
12Ke tseba hobane Jehova o ahlolela mohlomohi le hobane o lokisetsa ya lesitsi.
13E, ba lokileng ba tla rorisa lebitso la hao; batho ba nang le ho loka ba tla nne ba hlole pela hao.
Who We AreWhat We EelieveWhat We Do
2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.