JOBO 17 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

1Phefumoloho ya ka e a timela, matsatsi a ka a tima, lebitla le nkemetse.

2Efela basomi ba nteetse hare, mme mahlo a ka a bona dihlohloletso tsa bona.

3Ako mpeele selebeletso bakeng sa ka; hobane ke mang ya ka nkemelang a ntshwere ka letsoho?

4Hobane dipelo tsa bona o di kwaletse kutlwisiso; ka baka leo, o ke se ke wa ba phahamisa.

5Ya ekang motswalle wa hae, mahlo a bana ba hae o tla a bona a timilwe.

6O mpeile sesomo hara batho; ke fetohile ntho e nyatsehang pela bona.

7Dillo di thibile mahlo a ka, ditho tsohle tsa ka ke seriti feela.

8Ba lokileng ba maketse ke hoo, ba se nang molato ba halefela ba bolotsana.

9Leha ho le jwalo, ya lokileng o tiisetsa tseleng ya hae, ya nang le matsoho a masweu o eketsa ho ipha matla.

10Haele ka lona kaofela, kgutlang hle, le boye; nke ke ka bona motho ya hlalefileng hara lona.

11Matsatsi a ka a fetile, merero ya ka eo ke e hopotseng pelong ya ka, merero ya ka e wele fatshe.

12Bosiu ba re ke motshehare; lesedi ba re ke motshehare; lesedi ba re le haufi, ha le phirimile.

13Jwale, ke tadimile nqalo ya bafu hoba e tla ba ntlo ya ka; ke adile diphate tsa ka nqalong e lefifi.

14Ke re ho lebitla: O ntate! le ho diboko: Le mme le ngwaneso!

15Mme jwale, tshepo ya ka e kae? E tla bonwa ke mang e hlahile?

16E tla theohela dikgorong tsa nqalo ya bafu, moo re ya robala hammoho leroleng.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help