DIPESALEME 30 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Thapelo ya teboho ya motho ya thusehileng bolwetseng bo tshabehang.Pesaleme; sefela sa Davida bakeng sa kgakolo ya ntlo.

1Jehova, ke a o hodisa, hobane o mpholositse, mme ha o a ka wa lesa hore bao e leng dira ho nna ba thabe ka nna.

2Jehova, Modimo wa ka, ka na ka howa ho wena, mme o mphodisitse.

3Jehova, o nyolotse moya wa ka nqalong ya bafu, o ntsositse, hore ke se theohele lebitleng.

4Binelang Jehova, lona bakgethwa ba hae, le rorise lebitso la hae le halalelang.

5Hobane kgalefo ya hae ke ya motsotso feela, empa mohau wa hae o tshwere bophelo bohle ba motho; leha dillo di ka fapohela ho rona bosiu, hosasa e se e le nyakallo.

6Ho iketleng ha ka, ke fela ke ne ke itse: Nke ke ka sisinyeha le ka mohla o le mong!

7Jehova, o ne o tiisitse thaba ya ka ka mohau wa hao; empa o kile wa pata sefahleho sa hao, mme ka tsieleha.

8Jehova, ka ba ka howa ho wena, ka beela Jehova thapedisiso ya ka, ka re:

9Na o ka ruang ka madi a ka le ka ho theohela ha ka lebitleng?

10Na lerole le ka o rorisa, kapa le ka bolela botshepehi ba hao na?

11Jehova, mamela, o nkutlwele bohloko! Jehova, o be o nthuse!

12Wa ba wa fetola dikgapa tsa ka nyakallo, wa lokolla lesela la ka le mahwashe, wa ntlama ka senyepa sa thabo, pelo ya ka e tle e o binele, e se ke ya kgutsa. Jehova, Modimo wa ka, ke rata ho o rorisa ka ho sa feleng.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help