1Ho lehlohonolo motho ya sa lateleng keletso ya bakgopo, ya sa emeng tseleng ya baetsadibe, ya sa duleng mokgatlong wa basomi;
2empa a ithabela malaong wa Jehova, molao wa wona a o nahana motshehare le bosiu.
3O jwaloka sefate se hlomilweng pela metsi a kwellang, se beang ditholwana tsa sona ka kgwedi ya tsona, seo mahlaku a sona a sa foforeheng; seo a se etsang kaofela se a mo atla.
4Empa bakgopo ha ba jwalo, ba jwaloka mooko o fefolwang ke moya;
5le kahlolong bakgopo ba ke ke ba ema, leha e le baetsadibe phuthehong ya ba lokileng.
6Hobane Jehova o tseba tsela ya ba lokileng, empa tsela ya bakgopo e fella tshenyehong.
Who We AreWhat We EelieveWhat We Do
2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.