ESAIA 56 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

1Jehova o a bua, o re: Bolokang molao, le etse ho lokileng, hobane poloko ya ka e se e a hlaha, le ho loka ha ka ho se ho tla bonahala.

2Ho lehlohonolo motho ya etsang hoo, le ngwana motho ya tiisetsang teng, ya bolokang Sabatha, a tle a se ke a e silafatsa, mme a tshabisa letsoho la hae, le tle le se ke la senya le hanyenyane!

3Motho wa ditjhaba, ya kgomaretseng Jehova, a se ke a hlahisa puo ya ho re: Jehova o tla nkgaola setjhabeng sa hae; le leqhalaha le se ke la re: Ke sefate se omeletseng.

4Hobane Jehova o a bolela, o re: Maqhalaha a bolokang Disabatha tsa ka, a ithatela se nkgahlisang, a tiisa selekane sa ka,

5ke tla a fa bodulo le lebitso le fetisang la mora le la moradi ka tlung ya ka le marakong a ka; ke tla a fa lebitso le hlolehileng, le ke keng la fela.

6Haele bana ba baditjhaba ba kgomaretseng Jehova, ho mo sebeletsa le ho rata lebitso la Jehova, hore e tle e be bahlanka ba hae, bona kaofela ba bolokang sabbatha, ba tshabang ho e silafatsa, mme ba tiisetsa selekaneng sa ka,

7ke tla ba tlisa thabeng ya ka e halalelang, ke ba thabise ka tlung ya ka ya thapelo; ditjheso tsa bona le mahlabelo a bona di tla amohelwa hantle aletareng ya ka, hobane ntlo ya ka e tla bitswa ntlo ya thapelo ho ditjhaba kaofela.

8Morena Jehova, ya bokellang ba tebetsweng ba Iseraele, o re: Ke sa tla bokellela ba bang ho yena, le ho bao e leng ba hae, bao ke seng ke ba bokeletse.

Dinyatso le matshediso.

9Lona, dibatana tsohle tsa naha, tloong, le je; le lona dibatana tsohle tsa meru!

10Dibohodi tsa hae ke difofu kaofela; ha di lemohe letho, ke dintja tse dimumu, tse sitwang ho bohola: di lora di bothile, di rata boroko.

11Dintja tseo di meharo, ha di kgore; ke badisa ba se nang kelello, e mong le e mong o ya ka tsela ya hae, o latela tseo e leng tsa hae, ho qala ka wa pele ho isa ho wa ho qetella.

12Ba re: Tloong, ke tla batla veine, mme a tla tahwa ke jwala; jwalokaha ho bile kajeno, ho tla ba jwalo le hosasane, e, haholo ka ho fetisisa.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help