GENESE 18 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Abrahama o rapella Sodoma.

1Jehova a iponahatsa ho Abrahama dieikeng tsa Mamre, a dutse monyako wa tente, motshehare, ha ho futhumetse.

2A emisa mahlo, a tadima, mme a bona banna ba bararo, ba eme pela hae; eitse ha a ba bona, a tloha monyako wa tente ya hae, a titima, a ba kgahlanyetsa, a inamela fatshe,

3a re: Morena ka, ha ekaba ke bone mohau mahlong a hao, oho, o se ke wa fapoha mohlanka wa hao.

4A ho ke ho tliswe metsinyana, le hlatswe maoto a lona, mme le kgatholohe tlasa fate sena.

5Ke tla tlisa sengwathwana sa bohobe, le ke le hlaphole dipelo tsa lona, le ntoo feta; hobane ke ka baka leo le fetang pela mohlanka wa lona. Ba re: Etsa jwalokaha o boletse.

6Yaba Abrahama o phakisa a kena tenteng ho Sara, a re: Phakisa o nke ditekanyo tse tharo tsa phofo e thumisitsweng, o dube, o etse dinkgwana.

7Abrahama a titimela mohlapeng, a nka namane e nama e boreletsana, e monate, a e neela mohlanka, hore a phakise a e apehe.

8A nka mafi, le lebese, le namane e apehilweng, a di bea pela bona; empa yena a ikemela pela bona katlasa sefate, mme ba eja.

9Yaba ba re ho yena: Sara, mohatsa hao o kae? A re: Ke enwa ka tenteng.

10A re: Ke tla kgutlela ho wena kannete, ha selemo se boya, mme bona, Sara, mosadi wa hao, o tla ba le mora. Athe Sara o ne a ntse a mametse monyako wa tente, kamora hae.

11Abrahama le Sara ba ne ba tsofetse, ba se ba hodile; mme ho ne ho se ho se ho Sara ka mokgwa wa basadi.

12Sara a tsheha kahare ho yena, a re: Ha ke se ke tsofetse, nka hla ka hlahelwa ke takatso, etswe le monga ka e le leqheku!

13Yaba Jehova o re ho Abrahama: Ke ka baka lang Sara ha a tsheha, a re: Hleka kannete nka beleha, haele moo ke tsofetse?

14Hleka taba e teng e ka sitang Jehova? Ka nako e beilweng, ke tla kgutlela ho wena, ha selemo se boya, mme Sara o tla ba le mora.

15Empa Sara a latola, a re: Ha ke a ka ka tsheha; hobane o ne a tshaba. Mme Jehova a re: Tjhe, o ile wa tsheha.

16Yaba banna bao ba ema, ba tloha teng, ba leba nqa Sodoma; mme Abrahama a tsamaya le bona, a ba felehetsa.

17Jwale Jehova a re: Na nka patela Abrahama seo ke yang ho se etsa,

18athe Abrahama e tla ba setjhaba se seholo, se matla, mme mefuta yohle ya lefatshe e tla hlohonolofalla ho yena?

19Ke tswe ke mo tseba hoba, o tla laela bana ba hae, le ntlo ya hae kamora hae, hore ba boloke tsela ya Jehova, ba etse ka ho loka le ka tshwanelo, Jehova a be a hlahisetse Abrahama seo a mmaletseng sona.

20Yaba Jehova o re: Erekaha mohoo o tswang Sodoma le Gomora o le moholo, mme sebe sa bona se atile haholo,

21ke sa theoha ke tle ke bone hore na ba fela ba entse kamoo mohoo o fihlileng ho nna kateng; mme ha ho se jwalo, ke tla tseba.

22Yaba banna ba tloha, ba leba Sodoma; empa Abrahama a sala pela Jehova.

23Jwale Abrahama a atamela, a re: Hleka o ka timetsa ya lokileng hammoho le ya bolotsana na?

24Ekaba ba lokileng ba mashome a mahlano ba teng motseng; hleka o ka timetsa motse, o sa o baballe ka baka la ba lokileng ba mashome a mahlano ba ho wona na?

25Oho! o se ke wa etsa taba e jwalo le hanyenyane, wa bolaya ya lokileng hammoho le ya bolotsana, hore ya lokileng a hlahelwe ke ntho e le nngwe le molotsana. Taba eo e be hole le wena! Hleka moahlodi wa lefatshe a ke ke a etsa ka ho loka na?

26Jehova a re: Ha nka fumana ba lokileng ba mashome a mahlano ba le teng motseng wa Sodoma, ke tla baballa motse kaofela ka baka la bona.

27Abrahama a araba, a re: Bona hle, ke betile pelo ho buisana le Morena, leha ke le lerole le molora feela.

28Ekaba ho ba lokileng ba mashome a mahlano bao, ho ka hlokahala ba le bahlano; hleka o ka fedisa motse kaofela ka baka la batho ba le bahlano na? A re: Ha ke fumana ba lokileng ba mashome a mane a metso e mehlano, nke ke ka o fedisa.

29A boela a bua le yena, a re: Ekaba ho ka fumanwa teng ba lokileng ba mashome a mane feela. A re: Nke ke ka etsa taba ena ka baka la bao ba mashome a mane.

30A re: Oho! Morena a se ke a halefa, ha ke ntse ke bua. Ekaba ho ka fumanwa teng ba lokileng ba mashome a mararo feela. Mme a re: Ha nka fumana ba lokileng ba mashome a mararo, nke ke ka etsa.

31A re: Bona hle, ke betile pelo ho bua le Morena: Ekaba ho ka fumanwa teng ba lokileng ba mashome a mabedi feela. A re: Nke ke ka o senya ka baka la ba mashome a mabedi bao.

32A re: Oho! Morenaka a se ke a halefa, mme ke tla boela ke bue hang feela: Ekaba ho ka fumanwa teng ba lokileng ba leshome feela. A re: Nke ke ka o senya ka baka la ba lokileng bao ba leshome.

33Yaba Jehova o a ikela; ha a se a qetile ho bua le Abrahama; mme Abrahama a kgutlela ha hae.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help