LEVITIKE 24 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Melao bakeng sa kandelare le mahobe a pontsha.

1Jehova a boela a bua le Moshe, a re:

2Laela bana ba Iseraele, hore ba o tlisetse ole e hlwekileng ya mohlwaare, hore dilampi di nne di tshelwe kamehla.

3Ke ka kwano ho lesira le sirelang bopaki tenteng ya pokano Aarone a tlang ho e lokisa, hore dilampi di nne di tuke kamehla pela Jehova ho qala mantsiboya ho isa hosasa. Ke molao o sa feleng le ho ditloholo tsa lona.

4O tla lokisa dilampi kandelareng ya kgauta e tshekilweng, hore di nne di tuke kamehla pela Jehova.

5O tla nka lefi la phofo, o etse mahobe a leshome le metso e mmedi, bohobe bo bong le bo bong bo etswe ka dikarolo tse pedi tsa boshome ba efa.

6O tla a hlahlamanya ka ditha tse pedi tafoleng ya kgauta e tshekilweng, pela Jehova; a be ka botshelela setheng se seng le se seng.

7Hodima setha se seng le se seng, o tla bea dibano tse hlwekileng; e tla ba kgopotso le nyehelo e tjheseditsweng Jehova ka mollo.

8Ka Disabatha tsohle o tla hlahlamanya mahobe ao pela Jehova kamehla, bakeng sa bana ba Iseraele, e be pontsho ya selekane se sa feleng.

9E tla ba a Aarone le a bara ba hae, ba tlang ho a ja nqalong e halalelang, hobane ho bona e tla ba ntho e halalelang haholo, ke karolo ya dinyehelo tse tjhesetswang Jehova ka mollo. Ke molao o sa feleng.

Molao wa ho se nyefole.

10Mora wa mosadi wa Moiseraele, eo e neng e le mora wa Moegepeta, o ne a tlile hara bana ba Iseraele, mme a lwana le monna wa Moiseraele diahelong.

11Mora wa mosadi wa Moiseraele a nyefola lebitso la Jehova, a le rohaka. Yaba ba mo isa ho Moshe. Lebitso la mmae e ne e le Shelomithe, moradi wa Dibri, wa leloko la Dane.

12Ba mo lebela, ho fihlela ha Moshe a tla ba bolella ka taelo ya Jehova se ka etswang ka yena.

13Yaba Jehova o bua le Moshe, a re:

14Ntshetsa monyefodi kantle ho diahelo; bohle ba mo utlwileng ba bee matsoho a bona hloohong ya hae, mme a tlepetswe ke phutheho yohle.

15O tla bolella bana ba Iseraele, o re ho bona: E mong le e mong ya rohakang Modimo wa hae, o tla jara molato wa sebe sa hae;

16ya tlang ho nyefola lebitso la Jehova, o tla bolawa; o tla tlepetswa ke phutheho kaofela. Moditjhaba, leha e le ya tswaletsweng hae, ha a ka nyefola lebitso la Jehova, o tla bolawa.

17Mang le mang ya bolayang motho, o tla bolawa.

18Mang le mang ya bolayang kgomo, o tla bea e nngwe sebakeng sa yona: bophelo bo lefjwe ka bophelo.

19Ekare ha e mong a hlahisetsa wa habo kotsi, o tla etswa seo a se entseng ngwanabo:

20thobeho e lefjwe ka thobeho, leihlo ka leihlo, leino ka leino; kotsi eo a sentseng motho ka yona, le yena o tla etsetswa yona.

21Ya bolayang kgomo, o tla bea e nngwe sebakeng sa yona, empa ya bolayang motho, o tla bolawa.

22Le tla ahlola moditjhaba le ya tswaletsweng hae ka molao o le mong, hobane ke nna Jehova, Modimo wa lona.

23Moshe a bua le bana ba Iseraele; yaba ba ntshetsa monyefodi kantle ho diahelo, ba mo tlepetsa. Bana ba Iseraele ba ya ka taelo eo Moshe a e neilweng ke Jehova.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help