DIPESALEME 28 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Thapelo ya ho kopa thuso le ya teboho nakong tsa meferefere. Pesaleme ya Davida.

1Jehova, ke howeletsa ho wena! Lefika la ka, o se ke wa nthibanela ditsebe; esere mohlomong, ha o ka nkgutsetsa, ka ba jwaloka ba theohelang lebitleng.

2Utlwa lentswe la dithapedisiso tsa ka ha ke howeletsa ho wena, leha ke otlollela sehalalelo sa hao matsoho a ka!

3O se ke wa ntlosa hammoho le ba babe le ba etsang bokgopo, ba bolelang kgotso ho ba habo, athe bolotsana bo ka dipelong tsa bona.

4O ba fe moputso o lokelang mesebetsi ya bona le bolotsana ba diketso tsa bona! O ba putse ka mosebetsi wa matsoho a bona, o busetse ho bona kamoo ba entseng kateng.

5Hobane ha ba ele diketso tsa Jehova hloko, leha e le mosebetsi wa matsoho a hae, Jehova o tla ba diha, a ke ke a ba ahisa!

6Ho roriswe Jehova, hobane o utlwile lentswe la dithapedisiso tsa ka!

7Jehova ke matla a ka le thebe ya ka. Pelo ya ka e itshepetse yena, mme o nthusitse. Pelo ya ka e thabile ke hona, mme ke tla mo roka ka difela tsa ka.

8Jehova ke matla a setjhaba sa hae, ke qhobosheane ya poloko ho motlotsuwa wa hae.

9Jehova, o boloke setjhaba sa hao, o hlohonolofatse lefa la hao, o be modisa wa bona, o ba tiise ka ho sa feleng.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help