JEREMIA 39 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Motse wa Jerusalema o kenwa ke Nebukadresare; Jeremia o ntshwa teronkong.

1Ka selemo sa boroba mono o le mong sa Tsedekia, morena wa Juda, ka kgwedi ya leshome, Nebukadresare, morena wa Babilona, a tla le makgotla a hae kaofela ho lwantsha Jerusalema, mme ba o thibella.

2Ka selemo sa leshome le motso o mong sa Tsedekia, ka kgwedi ya bone, ka la boroba mono o le mong la kgwedi, motse wa phunngwa.

3Balaodi kaofela ba morena wa Babilona ba tla, ba emisa monyakong o mahareng; e le Nergale-Sharetsere, Samgare-Nebu, Sarsekime, molaodi wa balebedi, Nergale-Sharetsere, motsamaisi wa ba bohlale, le matona a mang kaofela a morena wa Babilona.

4Eitse ha Tsedekia, morena wa Juda, le bahlabani kaofela ba ba bona, ba baleha, ba tswa motseng bosiu, ka mmila wa serapa sa morena, ka kgoro e pakeng tsa marako a mabedi, ba tswa ka tsela ya lehwatata.

5Yaba makgotla a Bakalde a ba phallela, mme ba fihlela Tsedekia mahwatateng a Jeriko; ba mo tshwara, ba mo tlisa ho Nebukadresare, morena wa Babilona, Ribla, lefatsheng la Hamathe; a ahlolwa teng.

6Morena wa Babilona a bolaya bara ba Tsedekia pontsheng ya hae, Ribla; le baholo kaofela ba Juda morena wa Babilona a ba bolaya.

7A ntoo honya mahlo a Tsedekia, a mo tlama ka mahlaahlela a koporo ho mo isa Babilona.

8Bakalde ba tjhesa ntlo ya morena le matlo a ba setjhaba ka mollo, ba heletsa le marako a Jerusalema.

9Masala a setjhaba a sa setseng motseng, le bakwenehi ba neng ba ineetse yena, le masala a sa setseng a setjhaba, Nebusaradane, molaodi wa balebedi, a ba isa kgolehong, Babilona.

10Empa haele mafutsana a setjhaba, a se nang eng le eng, Nebusaradane, molaodi wa balebedi, a a tlohela lefatsheng la Juda, a ba a a nea masimo a merara le masimo a lengwang.

11Nebukadresare, morena wa Babilona, a laela Nebusaradane, molaodi wa balebedi, bakeng sa Jeremia, a re:

12Mo nke, o mo ele sedi; o se ke wa mo etsa letho le lebe; o mpe o mo etse jwalokaha a ka o bolella.

13Yaba Nebusaradane, molaodi wa balebedi, ba ena le Nebushasbane, molaodi wa maqhalaha, le Nergale-Sharetsere, motsamaisi wa ba bohlale, le balaodi kaofela ba morena wa Babilona,

14ba romela ho ntsha Jeremia lebaleng la ntlo ya teronko, ba mmea ho Gedalia, mora Akikame, mora Shafane, a tle a mo nkele ha hae. Mme Jeremia a nna a sala hara setjhaba.

15Lentswe la Jehova la tla ho Jeremia, ha a ntse a le lebaleng la ntlo ya teronko, la re:

16Eya, o bolelle Ebede-Meleke, Moethiopia, o re: Ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Bona, ke ya etsahatsa mantswe a ka bakeng sa motse ona ka bobe, e seng ka molemo, a tla etsahala pontsheng ya hao, tsatsing le itseng.

17Empa ke tla o namolela tsatsing leo, ho bolela Jehova, o ke se ke wa neelwa matsohong a batho bao o ba tshabang.

18Hobane ke tla o namolela, o ke ke wa wa ke lerumo, mme bophelo ba hao e tla ba kgapo ya hao, hobane o hlile o itshepetse nna, ho bolela Jehova.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help