ESAIA 49 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Mohlanka wa Jehova, lesedi la ditjhaba.

1Mmameleng, lona dihlekehleke; le ele hloko, lona ditjhaba tse hole! Jehova o mpitsitse ke sa le popelong; ke sa le mpeng ya mme, o boletse lebitso la ka.

2O neile molomo wa ka bohale ba lerumo, o nkentse moriting wa letsoho la hae, o nkentse motsu o ntjhotjho, o mpatile kgohlopong ya hae.

3A re ho nna: O mohlanka wa ka, ke wena Iseraele eo ke tlang ho itlotlisa ka wena.

4Empa ka re: Ke sebeleditse lefeela, ke qetile matla a ka feela, ke sa rue letho; empa tokelo ya ka e ntshwanelang e ho Jehova, le moputso wa ka o ho Modimo wa ka.

5Mme jwale, ho bolela Jehova ya mpopileng popelong ya mme, ke tle ke be mohlanka wa hae, ke be ke kgutlisetse Jakobo ho yena, mme Iseraele a tle a phuthehele ho yena; hobane ke tla hlompshwa mahlong a Jehova, mme Modimo wa ka ke wona e leng matla a ka.

6O re: Ke ntho e nyenyane hore o be mohlanka wa ka, ho tsosa meloko ya Jakobo, le ho kgutlisetsa masala a setseng a Iseraele. Ke bile ke o beile lesedi la ditjhaba, o tle o be poloko ya ka ho isa pheletsong ya lefatshe.

7Jehova, Molopolli le Mohalaledi wa Iseraele, o rialo ho ya nyatistsweng ke bohle, ho ya hloilweng ke setjhaba, ho mofo wa babusi: Marena a tla mmona, a eme; mahosana a tla kgumama pela hae ka baka la Jehova ya tshepehang, le la Mohalaledi wa Iseraele ya o kgethileng.

Iseraele o tla kgutlela ha hae.

8Ho itswe ke Jehova: Nakong ya mohau ke o utlwile; tsatsing la poloko ke o thusitse; ke tla o boloka, ke tla o bea selekane sa setjhaba sa ka, o tle o tsose naha, o ba arolele mafa a senyehileng;

9o tle o re ho ba kgolehong: Tswang! le ho ba dutseng lefifing: Hlahang! Ba tla fumana dijo tseleng, le makgulo maralleng wohle.

10Ha ba sa tla hlola ba lapa, leha e le ho nyorwa, ha ba sa tla bona diphalana tsa selemo leha e le ho batwa ke tjheso ya letsatsi, hobane ya ba hauhetseng ke yena ya tla ba tsamaisa, le ho ba isa metsing a kwellang.

11Dithaba tsa ka ke tla di fetola mebila, mme ditsela tsa ka di tla hlekwa.

12Bonang, ba tla ba etswa hole; bonang, ba bang ba tswa leboya le bophirimela, ba bang ba tswa naheng ya Sinime.

13Nyakallang, lona mahodimo, le wena lefatshe, o thabe, le lona dithaba, dumang ka ditlatse, hobane Jehova o tshedisitse setjhaba sa hae, o hauhetse mafutsana a hae.

14Sione o na be a itse: Jehova o ntlohetse, Morena o ntebetse.

15Hleka mosadi a ka lebala lesea leo a le anyesang na? Na a ka lesa ho hauhela ngwana wa mala a hae na? Empa le hoja a ka mo lebala, nna, nke ke ka ba ka o lebala.

16Bona, ke o ngodile diatleng tsa ka; marako a hao a pela ka kamehla.

17Bara ba hao ba ya tla ka lebelo; ba o sentseng le ba o entseng lesupi ba tla baleha.

18Thalatsa ka nqa tsohle, o tadime! Ba phutheha kaofela, mme ba tla ho wena. Jehova o re: Ka nna ke leng Modimo, ke re: Ruri o tla ikgabisa ka bona kaofela, o itlame ka bona, jwaloka monyaduwa ha a itlama ka mekgabo ya hae.

19Haele dithako tsa hao, le naha ya hao e entsweng lesupi, le lefatshe la hao le senyehileng, le tla patisana ke bongata ba baahi; mme ba o jeleng ba tla fallela hole.

20Bana ba hao, bao o neng o amohilwe bona, ba tla pheta polelo ena ditsebeng tsa hao, ba re: Setsha sena se patisane; mphe sebaka, ke tle ke ikahele.

21Mme o tla re pelong ya hao: Ke mang ya ntswaletseng bao? Hobane ke ne ke timeletswe ke bana, ke le moopa ya lelekilweng, ya hladilweng; na bao ke ba hodiseditswe ke mang? Bonang! ke ne ke siilwe ke nnotshi; bona ba ne ba le kae?

22Ho itswe ke Morena Jehova: Bonang, ke tla emisetsa ditjhaba letsoho la ka, ke hlomele merabe folaga ya ka, ba tle ba tlise bara ba hao matsohong a bona, le baradi ba hao ba ba pepe mahetleng a bona.

23Marena e tla ba bafepi ba hao, mafumahadi a wona e be baanyesi ba hao; ba tla itihela fatshe ka difahleho pela hao, ba nyeke lerole le maotong a hao; mme o tla tseba hobane ke nna Jehova, le hobane ba ntshepang ba ke ke ba swaba.

24Na monna ya matla a ka amohuwa thepa eo a ikgapetseng yona na? Mme makgotla a ba lokileng ba holehilweng na a ka phonyoha na?

25E, ho bolela Jehova, makgotla a holehilweng ke monna ya matla o tla amohuwa wona, kgapo ya mohale e tla pshemoha, hobane nna ke tla lwantsha ba o lwantshang, ke lokolle bara ba hao.

26Ke tla etsa hore ba o hlorisitseng ba je nama ya mmele ya bona, ba tahwe ke madi a bona, jwaloka hoja ba tahilwe ke veine e ntjha; mme nama yohle e tla tseba hobane nna Jehova ke Mmoloki wa hao, le hobane nna Molopolli wa hao ke mohale wa Jakobo.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help