HOSEA 3 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

1Yaba Jehova o re ho nna: O boele o ye, o rate mosadi ya ratwang ke molekane wa hae, leha a feba, jwalokaha Jehova a rata bana ba Iseraele, leha bona ba retelehela ho medimo esele, mme ba rata dinkgwa tsa morara.

2Yaba ke ipatlela yena ka ditjhelete tse leshome le metso e mehlano le ka tekanyo ya harese e lekanang homere e nang le halofo.

3Ka re ho yena: Ka matsatsi a mangata o ntulele, o se ke wa feba, o se ke wa kopana le monna; le nna nke ke ka kopana le wena.

4Hobane ka matsatsi a mangata, bana ba Iseraele ba tla dula ba se na morena le mahosana, ba se na sehlabelo le setshwantsho, ba se na efoda le terafime.

5Empa hamorao, bana ba Iseraele ba tla kgutla, ba batle Jehova, Modimo wa bona, le Davida, morena wa bona; mehleng ya morao, ba tla itlhahanela ho Jehova le ho molemo wa hae.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help