DIPROVERBIA 29 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

1Motho ya ntseng a kgalemelwa hangata, mme a itshatalatsa molala, o tla robeha hanghang, ho se le sehlare.

2Mohla ba lokileng ba atang, setjhaba se ye se thabe; empa mohla ho busang e mobe, setjhaba se ye se lle.

3Ya ratang bohlale o thabisa ntatae; empa ya thabelang diraburabu, o senya letlotlo la hae.

4Ke ka ho loka morena a tiisang mmuso; empa ya amohelang dimpho o a o diha.

5Motho ya qekisang wa habo o tjheha sefi maotong a hae.

6Sebeng sa motho e mobe sefi se teng; empa ya lokileng o a bine, o a thabe.

7Motho ya lokileng o utlwisisa nyewe ya bafumanehi; empa e mobe ha a e utlwisise, ha a e tsebe.

8Basomi ba butswella mollo motseng; empa ba bohlale ba tima bohale.

9Motho ya bohlale ha a tseka le lehlanya, a ke ke a bona kgotso, leha a halefa, leha a tsheha.

10Ba lapetseng madi ba hloya motho ya phethehileng; empa ba lokileng ba sireletsa ho phela ha hae.

11Lehlanya le hlahatsa kgalefo ya lona; empa ya bohlale o a e tshwara, o a e kgutsisa.

12Ha morena a ka mamela mashano, bahlanka ba hae bohle ba tla ba babe.

13Mosenyehi le mohlorisi ba kgahlana; ke Jehova ya ba edisang mahlo ba babedi.

14Ha morena a ka ahlolela mofutsana ka ho loka, tulo tsa hae di tla tiya kamehla.

15Thupa le kgalemelo di fa motho bohlale, empa mohlankana ya ipusang o hlabisa mmae dihlong.

16Mohla ba babe ba tletseng, bokgopo bo a ata; empa ba lokileng ba tla ba bona ha ba ewa.

17Laya mora wa hao, o tla o fa phomolo, a nyakalatse moya wa hao.

18Tshenolo ha e le siyo, ha ho molao setjhabeng; empa ya bolokang molao, o lehlohonolo hakakang!

19Mofo ha a bakiswe ka dipolelo; hobane, leha a ka utlwisisa, a ke ke a hlokomela.

20O lemohile lehehle na? Lehlanya le ka tshepisa ho fetisa lona.

21Mofo wa hao ha o mo etsa wa mpoane botjheng ba hae, hamorao o tla iketsa e mong wa bara ba hao.

22Motho ya bohale o butswela dikgang; ya phakisang ho halefa, dibe tsa hae di ba ngata.

23Boikgohomoso ba motho bo a mo kokobetsa, empa ya pelo e ikokobetsang o tla finyella kganyeng.

24Ya arolelanang le leshodu o hloile moya wa hae; leha a hlapantshwa, ha a senole letho.

25Ho tshaba batho ho isa sefing; empa ya tshepang Jehova o beilwe phahameng.

26Ba bangata ba batla tjhadimo ya mmusisi; empa kahlolo ya motho e tswa ho Jehova.

27Molotsana ke manyala ho ba lokileng; ya kgabane ke manyala ho motho ya kgopo.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help