1Modimo, Modimo Jehova o buile, o bitsitse lefatshe ho nka botjhabatsatsi ho isa bophirimela.
2Sione, botleng bo phethehileng, Modimo o bonahatsa kganya ya wona;
3o a tla, Modimo wa rona, o ke ke wa kgutsa; o etellwa pele ke mollo o timeletsang, o teetswe hare ke sefefo se tshabehang.
4O bitsa mahodimo a hodimo le lefatshe, hore di tle kahlolong ya setjhaba sa wona, o re:
5Mpokelleleng baratuwa ba ka, e leng bohle ba entseng selekane le nna ka sehlabelo.
6Mme mahodimo a tla bolela ho loka ha wona, hobane Modimo ke wona o tla ahlola. (Sela.)
7Mamela, setjhaba sa ka, mme ke tla bua; le wena Iseraele, mme ke tla o pakela, nna ke leng Modimo, Modimo wa hao.
8Ha ke o kgalemelle mahlabelo a hao; ditjheso tsa hao di pela ka kamehla.
9Nke ke ka lata dipohwana sakeng la hao, leha e le dipheleu merakeng ya hao;
10hobane diphoofolo tsohle tsa meru ke tsa ka, le wona makgomo a fulang dithabeng ka dikete;
11ke tseba dinonyana kaofela tsa dithaba, le diphoofolo tsa naha di matleng a ka.
12Hola ke a lapa, ke be nke ke ka o bolella; hobane lefatshe ke la ka, le tse ho lona kaofela.
13Hleka o re, ke ja dinama tsa dipoho, ke nwa madi a diphooko?
14O abele Modimo diteboho tsa hao, o lefe dikano tsa hao ho Mookamedi ya phahameng!
15O ntoo bitsa ho nna ka letsatsi la matswalo; ke tla o namolela, mme o tla nkgodisa!
16Empa Modimo o re ho molotshana: O etsang, ha o bolela melao ya ka? Molomo wa hao o bolela selekane sa ka keng,
17haele moo o hloile ho lauwa, o lahletse mantswe a ka kamora hao?
18Ha o bona leshodu, o titimela ho lona, o tlwaelane le bafebi.
19O lokollela molomo wa hao bobe, leleme la hao le loha thetso;
20ere moo o dutseng, o nyefole ngwaneno, o etselletse ngwana mmao.
21Ke tseo o di entseng, mme kahobane ke ikgutseditse, o hopotse hoba nna ke ya jwaloka wena; ke tla o kgalemela, ke hlanole tsohle mahlong a hao.
22Lemohang tseo, lona ba lebaleng Modimo, esere mohlomong ka le harola, mme ha hlokahala ya namolelang!
23Ya ntlhabelang sehlabelo sa diteboho ke yena ya ntlotlisang; e mong le e mong ya lokisang tsela ya hae, ke tla mmontsha poloko ya Modimo.
Who We AreWhat We EelieveWhat We Do
2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.