JOELE 1 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Tsie e a tla. — Setjhaba a se ke se bake.

1Ke lona lentswe la Jehova le neng le tlele Joele, mora Pethuele:

2Utlwang taba ena, lona maqheku; le sekehe ditsebe, lona bohle baahi ba lefatshe. Na taba e jwalo e se e kile ya eba teng mehleng ya lona le mehleng ya bontata lona?

3Le e bolelle bara ba lona, bara ba lona ba e bolelle bara ba bona, le bara ba bona ba e bolelle moloko o tlang.

4Se siilweng ke bookgolane, se jelwe ke tsie; se siilweng ke tsie se jelwe ke marutle; se siilweng ke marutle, seongwane se se jele.

5Tsohang, matahwa, le lle; le bokolle, lona bohle ba nwang veine, ka baka la veine e ntjha, hobane e tlositswe melomong ya lona.

6Hobane setjhaba se futuhetse lefatshe la ka, ke setjhaba se matla, se sa balweng, meno a sona ke meno a tau, se na le mehlahare e jwaloka ya tau e tshehadi.

7Se sentse merara ya ka le difate tsa ka tsa difeiye, se di entse patsi feela; se di ebotse makgapetla a tsona, se di lahletse fatshe, makala a tsona a bile a sweufetse.

8Lla, wena lefatshe, jwaloka morwetsana ya itlamileng ka lesela le mahwashe, ka baka la ya neng a tla mo nyala botjheng ba hae.

9Nyehelo le tshelo ha di sa tliswa tlung ya Jehova; baprista, bahlanka ba Jehova, ba swabile.

10Naha e senyehile, lefatshe le swabile, hobane koro e sentswe, merara e omeletse, difate tsa ole di ponne.

11Swabang, lona balemi ba koro; le bokolle, lona balemi ba morara, ka baka la koro le ka baka la harese, hobane se neng se tla kotulwa masimong, se timetse.

12Morara o omeletse, sefate sa feiye se ponne; sa garanata le sa palema le sa diapole, tjhe, difate tsohle tsa naha di omeletse, thabo e fedile baneng ba batho.

13Lona baprista, itlameng ka masela a mahwashe, le lle; lona bahlanka ba aletare, le bokolle. Tloong, le robale maseleng a mahwashe, lona bahlanka ba Modimo wa ka, hobane ha ho sa le nyehelo le tshelo tlung ya Modimo wa lona.

14Kgethang letsatsi la ho itima dijo, le meme pitso; bokellang maqheku, le bokelle bohle ba naha tlung ya Jehova, Modimo wa lona, le howeletse ho Jehova.

15Jo! letsatsi! hobane le haufi letsatsi la Jehova, le tla jwaloka tshenyeho e tswang ho Ya matla wohle.

16Na dijo ha di a tloswa pela mahlo a rona? Thabo le nyakallo na ha di a tloswa tlung ya Modimo wa rona?

17Dipeo di bodile katlasa makote; mediko e feela, matlo a polokelo a helehile, hobane koro e omeletse.

18Makgomo a fehelwa hakakang! Mehlape ya dikgomo e a hlanya, hobane ha e sa na makgulo; le yona mehlape ya dinku e utlwa bohloko.

19Jehova, ke bitsa ho wena, hobane mollo o qetile meraka ya lehwatata, lelakabe le tjhesitse difate tsohle tsa naha.

20Esita le diphoofolo tsa naha di lla ho wena, hobane dinoka tsa metsi di pshele, mme mollo o tjhesitse meraka ya lehwatata.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help