DIPESALEME 36 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Bomadimabe ba ya lahlileng. Modimo le bomadimatle ba ya nang le kopano le wona.Ho monga baphokodi. Pesaleme ya Davida, mohlanka wa Jehova.

1E mobe o mamela bolotsana pelong ya hae, ho tshaba Jehova ha ho yo pela mahlo a hae;

2hobane ka mokgwa wa ho bona ha hae, o iqeka e le yena hore ho ke ke ha fihlelwa bokgopo ba hae e leng ho hloya.

3Ditaba tsa molomo wa hae ke bokgopo le thetso, o lesitse ho hlalefa le ho etsa botle.

4O rera bokgopo diphateng tsa hae; o ya ka tsela e seng molemo; ha a na ho hloya bobe.

5Jehova, mohau wa hao o phahame ho isa mahodimong le botshepehi ba hao ho isa marung.

6Ho loka ha hao ho ka ka dithaba tsa Modimo, dikahlolo tsa hao di tebile jwaloka lewatle. Jehova o baballa batho le diphoofolo.

7Modimo, mohau wa hao o rateha hakakang! Bana ba batho ba balehela moriting wa dipheo tsa hao;

8ba kgora ke nala ya ntlo ya hao, o ba nosa dinokeng tsa menate ya hao.

9Hobane sediba sa bophelo se ho wena; re bona lesedi leseding la hao.

10O bolokele ba o tsebang mohau wa hao, o nne o fe ba pelo di lokileng ho loka ha hao;

11Leoto la boikgohomoso le se ke la nkgatakela, letsoho la ba babe le se ke la mpalehisa!

12Ba bolotsana ba se ba ya wa, ba dihilwe; ha ba sa tla hlola ba tsoha.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help