NUMERE 30 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Molao wa dikano.

1Moshe a bua le marena a meloko ya bana ba Iseraele, a re: Ke sena se laelwang ke Jehova:

2Etlere ha motho a ikanne ho Jehova, kapa ha a itlamile ka kano hore o tla etsa hore hoitseng, a se ke a kwenehela lentswe la hae, a mpe a etse tsohle tseo a di boletseng ka molomo wa hae.

3Etlare ha mosadi a ikanne ho Jehova, a itlamile e le yena ka hore hoitseng a le ka tlung ya ntatae le botjheng ba hae,

4ha ntatae a utlwa boikano ba hae le kamoo a itlamileng kateng, ha ntatae a ikgutsetsa pela hae, boikano bohle ba hae bo tla tiya, le tseo a itlamileng ka tsona di tla tiya;

5empa ha ntatae a mo nyatsa ka tsatsi leo a di utlwileng, boikano bohle ba hae le tsohle tseo a itlamileng ka tsona, di ke ke tsa tiya; mme Jehova o tla mo tshwarela, kahobane o tla be a nyatsitswe ke ntatae.

6Etlare hoba mosadi a nyalwe a se a ikanne kapa a itlamile ka lentswe le leng le phonyohileng molomong wa hae,

7ha monna wa hae, mohla a utlwang tseo, a ikgutsetsa pela hae ka lona tsatsi leo a di utlwileng ka lona, boikano ba hae bo tla tiya, le tseo a itlamileng ka tsona di tla tiya;

8empa ha monna a mo nyatsa ka tsatsi leo a di utlwileng, o tla fedisa boikano boo a bo entseng, le lentswe le phonyohileng molomong wa hae leo a itlamileng ka lona; mme Jehova o tla mo tshwarela.

9Boikano ba mosadi wa mohlolohadi, kapa ba ya hladilweng, le tsohle tseo a itlamileng ka tsona, di tla tiya bakeng sa hae.

10Ha ekaba mosadi ya seng a le tlung ya monna wa hae a ikana, kapa a itlama ka kano,

11monna wa hae, mohla a utlwang tseo, ha a ikgutsetsa pela hae, a sa mo nyatse, maikano wohle a hae a tla tiya, le tsohle tseo a itlamileng ka tsona, di tla tiya.

12Empa ha monna wa hae a di fedisa ka tsatsi leo a di utlwileng ka lona, tsohle tseo a ikanneng ka tsona le tseo a itlamileng ka tsona, e tla ba tse sa tiyang, hobane monna wa hae o di fedisitse; mme Jehova o tla mo tshwarela.

13Boitlamo bofe le bofe, kapa boikano bofe le bofe boo mosadi wa hae a itlamileng ka bona ho hlomola moya wa hae, monna wa hae a ka nna a bo tiisa, kapa a bo fedisa.

14Ha monna wa hae a ikgutsetsa pela hae ka tsatsi le leng le le leng, o fela a tiisa jwalo maikano wohle a hae le tsohle tseo a itlamileng ka tsona; o a di tiisa kahobane o ikgutseditse pela hae ka tsatsi leo a di utlwileng ka lona.

15Empa ha a di fedisa ho se ho fetile letsatsi leo a di utlwileng ka lona, o tla jara molato wa mosadi wa hae.

16Ke yona melao eo Jehova a e laetseng Moshe bakeng sa monna le mosadi wa hae, le bakeng sa motswadi le moradi wa hae, ha eo a sa le motjha tlung ya ntatae.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help