ESAIA 33 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

1Ho madimabe wena, mosenyi, ya esong ho senngwe, wena, mohapi ya esong ho hapjwe! Etlare ha o se o qetile ho senya, o tla senngwa; ha o qetile ho hapa, o tla hapjwa.

2Jehova, o re hauhele, re beile tshepo ya rona ho wena! O be thuso ya rona ka hosasa ho hong le ho hong, le poloko ya rona mohla tsietsi!

3Batho ba baleha ka baka la lentswe le dumang, ditjhaba di a qhalana, hobane o tsohile.

4Letlotlo la lona leo le le hapileng, le tla hlakolwa ka mokgwa oo ditsie di hlakolwang ka wona; batho ba tla itihela ho lona ka mokgwa oo bookgolane bo welang jwang ka wona.

5Jehova o phahamile, hobane o ahile nqalong tse hodimodimo, o tlatsitse Sione ka ho loka le ka toka.

6Kahoo, matsatsi a hao a tla tiya, monono o be teng wa poloko le bohlale le tsebo; ho tshaba Jehova e tla ba leruo la Juda.

7Bonang, bahale ba bona ba bokolla kantle; manqosa a kgotso a lla habohloko.

8Mebila e feela, ditsela di tlohetswe; morena wa Assiria o robile selekane, o nyedisitse metse, ha a re letho ka batho.

9Naha e bofifing, e swabile; Lebanone o swabile, o omeletse; Sharone o tshwana le lefeella, Bashane le Karmele ba foforeha mahlaku.

10Jwale, ke tla tsoha, ho bolela Jehova; jwale, ke tla iphahamisa; jwale, ke tla ikgodisa.

11Le emotse jwang, mme le tla beleha mooko; phefumoloho ya lona e tla hotetsa mollo, o le tjhese.

12Ditjhaba di tla tjha jwaloka kalaka ha e beswa, di tjheswe ka mollo jwaloka meutlwa e remilweng.

13Lona ba leng hole, utlwang seo ke se entseng, le lona ba leng haufi, le lemohe matla a ka!

14Baetsadibe ba Sione ba tla thothomela; tshoho e tla tshwara baikaketsi, ba tla re: Ke mang hara rona ya tla tiya, a eme pela mollo o tjhesang? Ke mang ya tla tiya, a eme pela malakabe a sa timeng?

15E tla ba ya tsamayang tseleng ya ho loka, ya bolelang ka ho loka, ya nyatsang maruo a nkilweng ka matla, ya hlohlorang letsoho la hae le tle le se ke la amohela dineo, ya ithibang ditsebe hore a se ke a utlwa merero ya ho bolaya, ya tutubalang mahlo hore a se ke a bona bobe.

16Ke yena ya tla aha nqalong tse phahameng, ditshabelo tsa hae e tla ba diqhobosheane tse theilweng mafikeng. O tla fuwa bohobe ba hae, metsi a hae a ke ke a epsha.

17Mahlo a hao a tla boha morena botleng ba hae, a tla bona lefatshe bophareng ba lona.

18Pelo ya hao e tla elellwa mehla ya tshoho, mme o tla re: O kae ya neng a nkile buka ya lekgetho? o kae ya neng a lekanya boima ba tjhelete? o kae ya neng a hlahloba ditora?

19Ha o sa tla hlola o bona setjhaba se thata, setjhaba se puo e sa utlwahaleng, se puo e kokotletsang, eo motho a ke keng a e utlwisisa.

20Tadima Sione, motse wa mekete ya rona! Mahlo a hao a tla bona Jerusalema, e leng moaho wa boiketlo, le tente e ke keng ya tloswa, eo dithakgisa tsa yona di ke keng tsa tsomolwa, eo ho seng mohalana o lokolohang.

21Hobane teng, Jehova, boholong ba hae, ho rona o tla ba jwaloka dinoka, dinoka tse kgolo, moo ho seng le sehlopha sa dikepe tse ka bang le matla a ho sesa teng, ho seng le sekepe se seholo se ka tshelang teng.

22Hobane Jehova ke moahlodi wa rona, Jehova ke molaodi wa rona, Jehova ke morena wa rona, o tla re boloka.

23Mehalana ya hao, Assiria e hlephile, ha e tiise sefate sa sekepe sa hao, leha e le seile e fanyehilweng ho sona; mohlang oo, letlotlo le mesebetsi e mengatangata ya kgapo e tla arolwa, esita dihlotsa le tsona di tla abelwa.

24Mme ha ho motho ya ahileng Jerusalema ya tla re: Ke bohloko! Setjhaba se ahileng teng se tshwaretswe dibe.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help