JOBO 25 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Phetola ya boraro ya Bildade.

1Yaba Bildade wa Shua o fetola, a re:

2O na le mmuso le boholo bo tshabehang, o tiisa kgotso nqalong tse phahamileng tsa wona.

3Na makgotla a wona a ka balwa na? Mme ke mang ya sa tjhabelweng ke lesedi la wona?

4Le jwale, motho a ka loka jwang pela Modimo? Ngwana wa mosadi a ka hlweka jwang na?

5Ha esita le kgwedi e se ntho e kganyang, le dinaledi di sa hlweka pela mahlo a wona,

6ho ka ba jwang ka motho eo e leng kokwanyana feela, le ka ngwana wa motho eo e leng seboko!

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help