DIPESALEME 24 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Tsa areka ha e isitswa Sione, mohla e latwang ha Obed-Edomo.Pesaleme ya Davida.

1Lefatshe ke la Jehova le tsohle tse ho lona, lefatshe le ba ahileng ho lona.

2Hobane o le theile hodima mawatle, o le tiisitse hodima bodiba.

3Ke mang ya ka nyolohelang thabeng ya Jehova, ya ka dulang sehalalelong sa hae?

4Ke ya matsoho a se nang molato, ya pelo e hlwekileng, ya sa ineeleng leshano, ya sa hlapanyeng ho ya thetsa.

5Motho ya jwalo o tla bona hlohonolofatso ho Jehova, le ho loka ho Modimo, Mmoloki wa hae.

6Ke eo kabelo ya ba itlhahisang ho yena, ba batlang sefahleho sa hao, Modimo wa Jakobo. (Sela.)

7Phahamisang dihlooho tsa lona, menyako; lona menyako ya kamehla, le iphahamise, ho tle ho kene Morena wa kganya!

8Morena wa kganya ke mang? Ke Jehova ya matla, ya sa sitweng ke letho, Jehova ya matla ntweng.

9Phahamisang dihlooho tsa lona, menyako; lona menyako ya kamehla, le iphahamise, ho tle ho kene Morena wa kganya!

10Morena wa kganya ke mang? Ke Jehova wa makgotla, ke yena e leng Morena wa kganya. (Sela.)

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help