JOBO 33 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

1Empa wena, Jobo, mamela dipolelo tsa ka, o sekehele mantswe a ka kaofela tsebe!

2Bona, ke se ke ahlamisitse molomo wa ka, leleme la ka le se le bua mahalapeng a ka.

3Taba tsa ka di tla bapa le nnete ya pelo ya ka, melomo ya ka e bolele mehopolo ya ka e hlwekileng.

4Moya wa Modimo o nkentse, pudulo ya Ya matla wohle e a mphedisa.

5Ha o ena le matla, o nkarabe, o emele nyewe ya hao, o itokise.

6Bona, ke ntse ke tshwana le wena pela Modimo; le nna ke bopilwe ka letsopa.

7Ha ho le jwalo, o se ke wa tshoswa ke letsoso la ka, matla a ka a se ke a o imela!

8Tjhe, o se o boletse ditsebeng tsa ka, ke utlwile modumo wa mantswe a hao, wa re:

9Ke hlwekile, ha ho sebe ho nna; ha ke na molato, ha ho bokgopo ho nna;

10bonang, Modimo o batla sebaka sa ho nqala, o ntadimile jwaloka hoja ke le sera ho wona;

11o tshwasitse maoto a ka, o hlwela mehato ya ka kaofela.

12Bona, karabo ya ka ke yona ena: O fositse tabeng tseo; hobane Modimo o moholo ho ena le motho.

13O o tsekisa keng ka ho re, ha o ikarabele diketsong tsohle tsa wona?

14Leha ho le jwalo, Modimo o bua ka mokgwa o mong, o ntoo bua ka o mong hape, empa ha ho lemohe motho.

15O bua ka ditoro, ka dipono tsa bosiu, ha batho ba tshwerwe ke boroko, mme ba robetse diphateng tsa bona.

16Ke moo o itshenolang ho batho, o tiisang thuto eo o ba rutang yona;

17hore o tle o ntshe motho ketsong tse mpe tsa hae, o mo sesefise boikgantsho;

18hore o pholose moya wa hae lebitleng, o mo phemise lerumo le bohale.

19Bohloko le bona bo tla ho mo laya diphateng tsa hae, ha a utlwa masapo a hae a opa ho sa kgutse;

20ha mahalapa a hae a tenwa ke bohobe, a se a sa lakatse dijo tse hlabosang;

21ha dinama tsa hae di fela, ho senyeha botle ba hae, mme ho bonwa masapo feela a hlobodisitsweng;

22ha moya wa hae o se o atametse lebitla, mme bophelo ba hae bo se bo tla kgaolwa.

23Jwale ha ho ka tla ho yena lengeloi le mo hlalosetsang ditaba, le tswang makgotleng a lehodimo, la mo kenya tseleng e lokileng,

24eba Modimo o a mo hauhela, mme o re ho lona: Mo namole, a tle a se ke a theohela lebitleng, ke bone se ka mo lopollang.

25Ke ha nama ya hae e se e ntjhafala ho fetisa bonyenyaneng ba hae; o kgutlela matsatsing a botjha ba hae.

26Ha a rapela Modimo, o tla mo etsetsa mohau, mme o tla bona sefahleho sa wona ka thabo, a buseletswe ho loka ha hae.

27O bina pela batho, o re: Ke na be ke sitilwe, ka kgopamisa ho loka; empa ha ke a ka ka otlelwa ho tlola ha ka;

28o lopolotse moya wa ka hore ke se theohele lebitleng; bophelo ba ka bo ntse bo thabetse lesedi.

29Bona, Modimo o etsa tseo tsohle habedi, hararo, ho motho,

30ho kgutlisa moya wa motho lebitleng, hore a tle a bonesetswe ke lesedi la bophelo.

31Mamela, Jobo, o be o nkutlwe! o thole, mme ke tla bolela!

32Ha o ena le pelaelo, o nkarabe; bua, hobane ke rata ho o lokafatsa!

33Ha ho se jwalo, o mmamele: Thola, mme ke tla o ruta bohlale.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help