1Iponeleng, le boloke ditaelo tsohle tseo ke o laelang tsona kajeno, le tle le phele, le ate, mme le kene lefatsheng leo Jehova a anetseng bontata lona hore o tla ba nea lona, le le rue.
2Hopola tsela yohle eo Jehova, Modimo wa hao, a o tsamaisitseng ka yona feelleng ka dilemo tsena tse mashome a mane, hore o kokobetswe, o lekwe, mme ho bonwe tse pelong ya hao, hore na o tla boloka ditaelo tsa hae, kapa tjhe.
3O o kokobeditse, a o lapisa, a ntano o fepa ka manna, eo o neng o sa e tsebe pele, eo bontatao ba sa kanga ba e tseba, o tle o tsebe hobane motho a ke ke a phela ke bohobe feela, motho o tla mpe a phele ke tsohle tse tswang molomong wa Jehova.
4Diaparo tsa hao ha di a ka tsa senyeha hodima hao, mme maoto a hao ha a ka a ruruha ka dilemo tseo tse mashome a mane.
5Kgolwa pelong ya hao hobane Jehova, Modimo wa hao, o o laile jwaloka motho ha a laya mora wa hae.
6Boloka ditaelo tsa Jehova, Modimo wa hao, o tsamaye ditseleng tsa hae, o mo tshabe.
7Hobane Jehova, Modimo wa hao, o ya o kenya lefatsheng le molemo, lefatshe la melapo, la didiba, la matsha, la metsi a kollang dikgutlong le dithabeng;
8lefatshe la koro, la harese, la merara, la difeiye, la digaranata, lefatshe la mehlwaare e nang le ole, le la dinotshi,
9lefatshe leo o tla ja bohobe ho lona, ho se tlala, mme o ke ke wa hloka letho ho lona; lefatshe leo majwe a lona e leng tshepe, mme dithabeng tsa lona o tla tjheka koporo.
10O tla ja o kgore, mme o tla boka Jehova, Modimo wa hao, ka baka la lefatshe le molemo leo a o neang lona.
11Iponele, o se lebale Jehova, Modimo wa hao, ka ho se boloke ditaelo tsa hae, le dikahlolo tsa hae, le melao ya hae, eo ke o laelang yona kajeno,
12esere mohlomong, ha o se o jele, o kgotshe, mme o hahile matlo a matle, o dutse ho wona,
13ha dikgomo tsa hao, le dinku tsa hao di atile haholo, ha o ruile silefera le kgauta e ngata, mme dintho tsohle tsa hao di atile,
14pelo ya hao ya ikgohomosa, mme wa lebala Jehova, Modimo wa hao, ya o nyolotseng naheng ya Egepeta, tlung ya bohlanka;
15ya o tsamaisitseng nahathothe eo e kgolo, e tshabehang, e nang le dinoha tse tjhesang le diphepheng, naha e omeletseng, e se nang metsi; Jehova, ya o ntsheditseng metsi lefikeng le thata,
16ya o fepileng nahathothe ka manna, eo bontatao ba sa kang ba e tseba; a tle a o kokobetse, a o leke, hore a tle a o hlohonolofatse mehleng e tlang.
17Iponele, o tle o se ke wa re ka pelong ya hao: Ke ruile dintho tseo ka matla a ka, ka matla a matsoho a ka.
18O mpe o hopole Jehova, Modimo wa hao, hobane ke yena ya o neang matla a ho rua dintho tseo, hore a tiise selekane sa hae, seo a se anetseng bontatao, jwalokaha ho le jwalo le kajeno.
19Empa ekare ha o leballa ruri Jehova, Modimo wa hao, o latela medimo esele, o e sebeletsa, o e kgumamela, kajeno ke a le pakela, ke re, le tla timella ruri.
20Le tla timela jwaloka ditjhaba tseo Jehova a yang ho di fedisa pela lona, ha le ka hana ho utlwa lentswe la Jehova, Modimo wa lona.
Who We AreWhat We EelieveWhat We Do
2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.