LEVITIKE 16 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Molao wa mokete wa dipheko.

1Jehova a bua le Moshe, ha ho se ho shwele bara ba babedi ba Aarone ba neng ba shwe mohla ba itlhahisitseng pela Jehova.

2Jehova a re ho Moshe: Bolella moholwane wa hao Aarone, hore a se ke a nna a kena kamehla yohle sehlalelong kamora lesira pela sekwahelo se leng hodima areka, hore a se tlo shwa; hobane ke tla iponahatsa lerung hodima sekwahelo.

3Ke ona mokgwa oo Aarone a tlang ho kena ka wona sehalalelong: O tla nka pohwana e be sehlabelo sa sebe, le pheleu e be setjheso.

4O tla ikapesa ka kojwana e kgethehileng ya lene, a tene mmeleng wa hae borikgwana ba lene, a itlame ka senyepa sa lene, a rwale lesela la lene hloohong; ke tsona diaparo tse kgethehileng, tseo a tlang ho ikapesa ka tsona, ha a se a hlatswitse mmele wa hae metsing.

5O tla newa ke phutheho ya bana ba Iseraele diphooko tse pedi ho etsa sehlabelo sa sebe, le pheleu ho etsa setjheso.

6Aarone o tla hlahisa pohwana ya hae ya sehlabelo sa sebe, mme o tla iketsetsa pheko, a etsetse le ba ntlo ya hae.

7O tla nka diphooko tse pedi, mme a di tlise pela Jehova monyako wa tente ya pokano.

8O tla laola diphooko tse pedi, hore ho laola ho tle ho ntshe eo e leng ya Jehova, le eo e leng ya Asasele.

9Aarone o tla atametsa phooko e kgethetsweng Jehova, mme o tla e hlaba, e etswe sehlabelo sa sebe.

10Haele phooko e kgethetsweng Asasele, e tla hlahiswa e sa utlwa pela Jehova, hore ho tle ho etswe pheko ka yona, e ntoo tlohelwa, e ikele feelleng, e be ya Asasele.

11Aarone o tla hlahisa pohwana ya hae ya sehlabelo sa sebe, mme o tla iketsetsa pheko, a etsetse le ba ntlo ya hae. Pohwana ya hae ya sehlabelo sa sebe o tla e hlaba.

12O tla nka pitsana ya dibano e tletseng mashala a hlenneng a okgilweng aletareng pela Jehova, mme o tla ngwatha habedi dibano tse nkgang hamonate tse hlahlathilweng, mme o tla isa ntho tseo kamora lesira.

13O tla bea dibano hodima mollo pela Jehova, hore sesi sa dibano se aparele sekwahelo se kwahetseng bopaki, hore a se tlo shwa.

14A nke madi a mang a pohwana ka monwana wa hae, a foke hodima sekwahelo ka wona, ka nqa botjhabela; o tla foka ka madi hasupa ka monwana wa hae pela sekwahelo.

15O tla hlabela setjhaba phooko ya sehlabelo sa sebe; o tla isa madi a yona kamora lesira, mme o tla etsa ka madi ao jwalokaha a entse ka madi a pohwana, o tla foka ka wona hodima sekwahelo, le pela sona.

16Ka mokgwa o jwalo, o tla etsetsa sehalalelo pheko, ka baka la ditshila tsa bana ba Iseraele, le la dibe tsohle tseo ba sitilweng ka tsona; o tla etsa jwalo le bakeng sa tente ya pokano e beilweng ho bona le hara tse sa hlwekang tsa bona.

17Ho se ke ha eba motho tenteng ya pokano, ha a tla kena ho etsa pheko sehalalelong, a be a tswe; o tla iketsetsa jwalo pheko, a etsetse le ba ntlo ya hae, le phutheho yohle ya Iseraele.

18Etlare ha a etswa, o tla ya aletareng e pela Jehova, mme o tla e etsetsa pheko ka ho nka madi a pohwana le madi a phooko, ao a tlang ho a bea manakeng a aletare ka nqa tsohle;

19o tla foka aletare ka madi ao hasupa ka monwana wa hae, a e hlwekise, a e halaletse ka baka la tse sa hlwekang tsa bana ba Iseraele.

20Etlare hobane a etsetse sehalalelo le tente ya pokano le aletare pheko, o tla hlahisa phooko e utlwang.

21Aarone o tla bea matsoho a hae a mabedi hloohong ya phooko e utlwang, a bolele hodima yona makgopo kaofela a bana ba Iseraele, le ditlolo tsohle tseo ba sitilweng ka tsona; o tla di bea hloohong ya phooko, a ntoo e kgannela feelleng ka motho ya kgethetsweng hoo,

22phooko e tle e ise naheng e se nang batho dibe tsohle tsa bona, tseo e di jereng; mme e tla tebellwa feelleng.

23Aarone o tla kena tenteng ya pokano, ho ya hlobola diaparo tsa lene tseo a neng a di apere ha a tla kena sehalalelong, mme a di tlohele teng;

24o tla hlatswa mmele wa hae metsing, nqalong e halalelang, mme o tla boela a apare diaparo tsa hae. Hamorao, o tla tswa, a hlabe setjheso sa hae le setjheso sa setjhaba, a iketsetse pheko, a etsetse le setjhaba.

25O tla tjhesa hodima aletare mafura a sehlabelo sa sebe.

26Ya isitseng phooko ya Asasele, o tla hlatswa diaparo tsa hae, mme a hlatswe le mmele wa hae metsing, a ntoo kgutlela diahelong.

27Pohwana ya sehlabelo sa sebe, le phooko ya sehlabelo sa sebe, tseo madi a tsona a isitsweng sehalalelong ho ba pheko, di tla thothelwa kantle ho diahelo, mme matlalo, le dinama, le meswang ya tsona di tla tjheswa ka mollo.

28Ya di tjhesitseng o tla hlatswa diaparo tsa hae, a hlatswe le mmele wa hae metsing; a ntoo kgutlela diahelong.

29Molao oo e tla ba o sa feleng ho lona, ke wona ona: Ka kgwedi ya bosupa, ka letsatsi la leshome la kgwedi, le tla hlomola dipelo tsa lona; le tla lesa mesebetsi yohle, kapa e leng ba tswaletsweng ha habo lona, kapa e leng ba jakileng hara lona.

30Hobane ka letsatsi leo, le tla etsetswa pheko, le tle le hlatsuwe: le tla hlatsuwa dibe tsa lona tsohle pela Jehova.

31E tla ba ho lona Sabatha, letsatsi la phomolo, mme le tla hlomola dipelo tsa lona. Ke molao o sa feleng.

32Pheko e tla etswa ke moprista ya tlotsitsweng, ya beilweng ho etsa boprista bakeng sa ntatae, mme o tla apara diaparo tsa lene, diaparo tse kgethehileng.

33O tla etsetsa sehalaledisiso se kgethehileng pheko; o tla etsetsa tente ya pokano le aletare pheko; o tla etsetsa le baprista le batho kaofela ba phutheho pheko.

34Molao oo e tla ba o sa feleng ho lona, hore pheko e etsetswe bana ba Iseraele, hang ka ngwaha, ka baka la dibe tsa bona.

Ha etswa seo Moshe a se laetsweng ke Jehova.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help