DEUTERONOMA 33 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Moshe o porofetela meloko ya Baiseraele lehlohonolo.

1Ke yona hlohonolofatso Moshe eo monna wa Modimo, a hlohonolofaditseng bana ba Israele ka yona, a eso ho shwe.

2A re: Jehova o tlile a etswa Sinai; o ba tjhabetse a etswa Seire; a kganya a le thabeng ya Parane; o tlile a etswa makgotleng a diketekete a kgethehileng; ka letsoho la hae le letona, a ba romela mollo wa molao.

3Efela o rata ditjhaba; bakgethwa ba hae kaofela ba letsohong la hao; ba dula maotong a hao, ba amohela ditaba tsa hao.

4Moshe o re laetse molao, e leng lefa la phutheho ya Jakobo.

5E ne e le morena ho Jeshurune, ha dihlooho tsa setjhaba di ne di bokane di ena le meloko ya Iseraele.

6Rubene a ke a phele, a se ke a shwa, mme palo ya batho ba hae e se ke ya eba nyenyane.

7 Hlohonolofatso ya Juda ke ena: Moshe a re: Jehova, utlwa lentswe la Juda, o mo ise setjhabeng sa hae; matsoho a hae a mo lwanele, mme o be thuso ya hae ho lwantsha dira tsa hae.

8Haele bakeng sa Levi, a re: Thummime tsa hao le Urime tsa hao di ho mokhethwa wa hao ya o ratang, eo o mo lekileng Massa, eo o mo tsekisitseng metsing a Meriba;

9ya itseng bakeng sa ntatae le mmae: Ha ke a ka ka ba bona; mme ha ba tsebe banababo, leha e le bana ba hae ha a ba tsebe; hobane ba tiisitse lentswe la hao, mme ba bolokile selekane sa hao.

10Ba tla ruta Jakobo dikahlolo tsa hao, ba rute Iseraele molao wa hao. A ba ke ba o beele dibano dinkong tsa hao, le mahlabelo a phethehileng aletareng ya hao.

11Jehova, hlohonolofatsa matla a bona, mme o amohele mosebetsi wa matsoho a bona! Hlaba matheka a ba ba tsohelang matla le a ba ba hloileng, ba tle ba se ke ba boela ba tsoha.

12Haele bakeng sa Benjamine, a re: Ke moratuwa wa Jehova; o tla aha ka tshepo pela hae: o tla kgurumetswa ke Jehova, ka matsatsi wohle, mme o tla dula pakeng tsa mahetla a hae.

13Haele bakeng sa Josefa, a re: Naha ya hae e tla hlohonolofatswa ke Jehova ka tse molemo haholo tsa mahodimo, ka phoka le ka tsa bodiba bo leng tlasa lehodimo;

14le ka tse monate tse mediswang ke letsatsi le ka tse monate tse melang ka dikgwedi tsohle;

15le ka tse molemo tsa dithaba tsa kgale, le ka tsa bohlokwa tsa maralla a kamehla,

16le ka tse molemo tsa lefatshe, le ka ho tlala ha lona; mme mohau wa ya hlahileng sehlahleng o tle o dule hloohong ya Josefa, hloohong ya eo e leng morena hara banababo.

17Bokgabane ba hae bo jwaloka ba letsibolo la dikgomo tsa hae, mme dinaka tsa hae di jwaloka dinaka tsa nare; ka tsona o tla hlaba ditjhaba tsohle ho isa dipheletsong tsa lefatshe; ke dikete tse mashome tsa Efraime, ke dikete tsa Manasse.

18Haele bakeng sa Sabulone, a re: Thaba, Sabulone, ho tsweng ha hao; le wena Issaskare, o thabe ditenteng tsa hao.

19Ba tla biletsa ditjhaba thabeng, ba hlahise mahlabelo a ho loka teng; hobane ba tla anya letlotlo la lewatle, le dintho tsa bohlokwa tse patilweng lehlabatheng.

20Haele bakeng sa Gade, a re: Ho bokwe ya phatlalatsang Gade. Gade o ahile jwaloka tau e tshehadi, o harola letsoho le hlooho.

21O ipatletse dilopotsiya tsa naha, kahobane kabelo ya mmei wa molao e boloketswe yena hona teng; o tsamaya le dihlooho tsa setjhaba; o entse ho loka ha Jehova le dikahlolo tsa hae, tseo a di laetseng Iseraele.

22Haele tsa Dane, a re: Dane ke tauana, o tla tlola, a le Bashane.

23Haele tsa Nefthali, a re: Nefthali, o kgotshe melemo, mme o tletse hlohonolofatso ya Jehova. Rua Bophirimela le Borwa.

24Haele bakeng sa Asere, a re: Asere o tla hlohonolofatswa ke bana, o tla ratwa ke banababo, mme a tsobunye maoto a hae oleng.

25Mekwallo ya hao ke ya tshepe le ya koporo, mme matla a hao a tla lekana le matsatsi a hao.

26Jeshurune, ha ho ya tshwanang le Modimo; ya o tiisang o kaletse mahodimo le maru bokgabaneng ba hae.

27Modimo wa kamehla ke setshabelo sa hao, mme matsoho a sa feleng a katlasa hao. O lelekisa dira pela hao, o re: Di fediswe!

28Iseraele o tla aha ka tshepo a nnotshi; sediba sa Jakobo se kolla naheng ya koro le ya veine e ntjha, mme mahodimo a Jakobo a qhitsa phoka.

29O lehlohonolo hakakang, Iseraele! Setjhaba ke sefe se tshwanang le wena, setjhaba se pholositsweng ke Jehova, e leng thebe ya thuso ya hao, le lerumo la boholo ba hao? Dira tsa hao di tla ikokobetsa pela hao, mme o tla hatakela nqalo tsa bona tse phahameng.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help