II MARENA 6 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

1Bara ba baporofeta ba re ho Elisha: Bona, nqala eo, eo re ahileng ho yona pela hao e nyenyane.

2Re dumelle ho ya Jordane, re nke teng e mong le e mong sefate, mme moo re ikgahele ntlo eo re ka dulang ho yona. A re: Eyang.

3E mong wa bona a re: Ako ye hle le bahlanka ba hao.

4A re: Ke tla ya. Yaba o ya le bona. Ha ba fihla Jordane, ba rema difate.

5Yare ha e mong wa bona a diha sefate, tshepe ya selepe sa hae ya wela metsing; a meketsa, a re: Jo! monga ka, etswe se be se adimilwe!

6Monna wa Modimo a re: Se wetse kae? Yare hobane eo a mo supise, Elisha a rema thupa, a e akgela hona teng, a phahamisa selepe.

7Yaba o re: Se inole. A otlolla letsoho, a se inola.

8Morena wa Siria o ne a lwana le Baiseraele. A etsa morero le bahlanka ba hae, a re: Makgotla a ka a tla ya emisa bakeng se itseng.

9Monna wa Modimo a romela ho morena wa Iseraele, a re: Bona hore o se ke wa feta bakeng se itseng; hobane Basiria ba ya theohela teng.

10Morena wa Iseraele a romela bakeng seo a se boleletsweng ke monna wa Modimo, seo a se supisitsweng hore a se tshabe. Mme hoo ha hlaha e seng hang, leha e le habedi.

11Pelo ya morena wa Siria ya ferekanngwa ke hoo, a ba a bitsa bahlanka ba hae, a re: Na le ke ke la mpolella hobane ke mang wa rona ya emelang morena wa Iseraele?

12E mong wa bahlanka ba hae, a re: Oho, morena, monga ka, ha o yo; ke Elisha, moporofeta ya Iseraeleng, ya isang ho morena wa Iseraele le mantswe a buwang ke wena kamoreng ya hao ya ho robala.

13Yaba o re: Eyang, le bone moo a leng teng, ke tle ke romele ho ya mo tshwara. Mme a tsebiswa, ha thwe: o Dothane.

14Yaba o romela dipere teng, le makoloi, le lekgotla le leholo; ba tsamaya le bosiu, ba ya teela motse hare.

15Mohlanka wa monna wa Modimo, ha a tsoha e sa le hosasa, a tswela ntle, a bona lekgotla le teetseng motse hare, le dipere, le makoloi. Mohlanka wa Elisha a re ho yena: Jo! monga ka, re tla etsa jwang?

16Eo a re: Se tshabe, hobane ba nang le rona ba feta ba nang le bona ka bongata.

17Yaba Elisha o rapela, a re: Jehova, tutubolla mahlo a hae hle, a tle a bone. Jehova a tutubolla mahlo a mohlanka, mme a bona thaba e tletse dipere le makoloi a mollo, a teetse Elisha hare ka nqa tsohle.

18Basiria ha ba etla ho yena, Elisha a rapela Jehova, a re: Otla setjhaba sena ka bofufu hle. A ba otla ka bofufu, ka polelo ya Elisha.

19Elisha a re ho bona: Ena hase tsela; hape hase wona motse; tloong le nna, ke tle ke le ise ho monna eo le mmatlang. Mme a ba isa Samaria.

20Yare ha ba kene Samaria, Elisha a re: Jehova, tutubolla mahlo a bona, ba tle ba bone. Jehova a tutubolla mahlo a bona, mme ba bona ba se ba le hare ho Samaria.

21Morena wa Iseraele, ha a ba bona, a re ho Elisha: Na ke ba bolaye, ke ba bolaye na, ntate?

22Elisha a re: O ke ke wa ba bolaya. Bao o ba hapileng ka sabole ya hao le ka seqha sa hao, na o ye o ba bolaye na? Bea bohobe le metsi pela bona, ba je, ba nwe, ba ntoo kgutlela ho morena wa bona.

23Yaba o ba etsetsa dijo tse ngata, ba eja, ba enwa; a ntoo ba kgutlisa, mme ba ikela ho morena wa bona. Mme makgotla a Siria ha a ka a hlola a kena naheng ya Iseraele.

24Kamora tseo, Ben-Hadade, Morena wa Syria, a phutha makgotla wohle a hae, a futuha, a ya thibella Samaria.

25Tlala e kgolo ya wela Samaria, hobane Basiria ba ne ba thibeletse haholo, hlooho ya esele ya ba ya rekwa ka shekele tse mashome a robileng meno e le mmedi tsa silefera, le karolo ya bone ya kabe ya merokolo ya maeba ya rekwa ka shekele tse hlano tsa silefera.

26Morena wa Iseraele, ha a tsamaya hodima lerako, mosadi a howeletsa ho yena, a re: Mpholose, morena, monga ka.

27A re: Ha Jehova a sa o pholose, nna ke tla o pholosa jwang? Na ekaba ke ka se tswang seotlong, kapa sehatelong na?

28Morena a eketsa, a re: O tsietswa keng? Mosadi a re: Mosadi enwa o itse ho nna: Ntsha mora hao, re mo je kajeno; moraka re tla mo ja hosasane.

29Re apehile moraka, re mo jele; jwale, ke itse ho yena ka le leng: Ntsha mora hao, re mo je; empa o patile mora hae.

30Morena ha a utlwa taba tsa mosadi, a hahola diaparo tsa hae, a tsamaela pele hodima lerako; mme ha batho ba tadima, ba bona a apere lesela le mahwashe mmeleng wa hae kahare.

31A re: Modimo o nketse ka hore le ka hore, ha hlooho ya Elisha, mora Shafathe, e sa dula hodima hae kajeno!

32Elisha o ba a dutse ha hae ka tlung, le baholo ba ne ba dutse le yena; morena a roma lenqosa la hae; empa lenqosa ha le eso ho fihle ho Elisha, yena a re ho baholo: Na le a bona hoba mora enwa wa mmolai o rometse ho nkgaola hlooho? Bonang, etlere ha lenqosa le etla, le kwale nmonyako, le tiise lemati pela lona; na diqi tsa maoto a monga lona ha di le latele na?

33Ha a ntse a bua le bona, e se e le lona lenqosa, le theohelang ka ha hae; le re: Bonang, kotsi ena e tswa ho Jehova: ana ke sa tla lebella eng ho Jehova?

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help