JEREMIA 47 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Bafilesta ba porofetelwa kahlolo.

1Lentswe la Jehova le kileng la tla ho moporofeta Jeremia, bakeng sa Bafilesta, ha Faro a ne a eso ho fedise Gasa.

2Ho itswe ke Jehova: Bonang, metsi a ntse a nyoloha, a tswa nqa leboya; a ya ba phororo e itsholohelang, a aparele lefatshe kaofela le bao le tletseng bona, motse le ba ahileng teng. Batho ba tla howa, baahi kaofela ba lefatshe ba bokolle,

3ka baka la modumo wa ho hata ha ditlhako tsa dipere tsa hae tse matla, le la ho matha ha makoloi a hae le ho dumaduma ha maoto a wona. Bontata bana ha ba tadime bana, hobane ho fokotse matsoho;

4ka baka la tsatsi le tlang la ho fedisa Bafilesta kaofela, la ho kgaoletsa Tire le Sidone bohle ba siilweng ho ba tlatsa. Hobane Jehova o tla fedisa Bafilesta, e leng masala a sehlekehleke sa Kaftore.

5Bofatla bo ya ba teng ho Gasa; Ashkelone o tla senngwa hammoho le ho setseng ha lehwatata la bona. O tla iphatsa ho le hokae?

6Jo! Sabole ya Jehova, o tla phomola neneng? Kgutlela selateng sa hao, o kgutse, o eme!

7O ne o tla phomola jwang, ha Jehova a o laeditse bakeng sa Ashkelone le bakeng sa lebopo la lewatle? Ke moo a e lebisetsang teng.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help