JOBO 7 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

1Bophelo ba motho lefatsheng ke ntwa; matsatsi a hae a jwaloka matsatsi a motho ya thotsweng.

2Jwaloka mofo ha a sisetsa moriti pelo, jwaloka ya ruilweng ha a lebeletse moputso wa hae,

3ke wetswe jwalo ke dikgwedi tsa ho kganwetswa, mme masiu a mokgathala a beilwe kabelo ya ka.

4Ha ke robala, ke re: Ke tla tsoha neng? bosiu bo tla sa neneng na? mme ke kgathala ke ho phethoha ho isa mafube ha a hlaha.

5Nama tsa ka di apesitswe ke diboko le ke makgapa a mobu, letlalo la ka le tswa dipetlane, le boele le tswe boladu.

6Tshiu tsa ka di pomilwe kapele ho fetisa lesika leo molohi a lohang ka lona; di fela ho se tshepo e ntshaletseng.

7 Jehova, ako hopole hobane bophelo ba ka ke pudulo feela! Mahlo a ka ha a sa tla hlola a bona leseho;

8leihlo la ya mponang ha le sa tla mpona; mahlo a hao a tla mpatla, mme ke tla be ke le siyo!

9Maru a qhalane, a iketse; ho jwalo le ya theohelang nqalong ya bafu: ha a na ho kgutla teng;

10ha a sa na ho boela ka tlung ya hae, mme setsha sa hae ha se sa mo tseba.

11Ha ho le jwalo, nke ke ka thiba molomo wa ka, empa ke tla bolela masisapelo a ka, ke dumadume ho babeng ha moya wa ka.

12Na ke lewatle, kapa, a ke drakone, ha o beile balebedi ho ntebela na?

13Ha ke re: Phate tsa ka di tla mphomotsa, ditao tsa ka di tla kokobetsa bohloko ba ka;

14eba ke moo o ntshosang ka ditoro, o nthothometsang ka dipono;

15ke moo pelo ya ka e kgethileng ho kgangwa le ho shwa, ho fetisa ha ke boloka masapo a ka.

16Ke tennwe ke bophelo, ha ke rate ho nna ke phela. Ntlohele, hobane matsatsi a ka ke pudulo feela.

17Motho keng, hore o mo hlomphe, le hore o mo hlokomele;

18o be o mo etele ka hosasa ho hong le ho hong, mme o mo lekole ka dinako tsohle?

19O tla lesa neng ho ntjamela ka mahlo a hao, o be o mphe sebaka sa ho metsa mathe na?

20Ha ekaba ke entse sebe, ke o entse eng, Molemohi wa batho? O mpeile keng seo o betsang metsu ya hao ho sona, ke be ke fetohe phahlo feela?

21Ha o ntshwarele tshito ya ka keng, wa tlosa bokgopo ba ka na? Hobane ke se ke ya robala leroleng; o tla mpatla, mme ke tla ba siyo.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help