JEREMIA 19 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Pitsa e bolawa ho tshwantsha tshenyeho ya Jerusalema. — Jeremia o hlahlelwa teronkong.

1Ho itswe ke Jehova: Eya, o ithekele pitsa ya letsopa ho mmopi, o ye le baholo ba bang ba setjhaba le baholo ba baprista;

2o tswele kgohlong ya mora Hinnome e pela monyako wa Mangeta, o bolele teng mantswe ao ke tla o bolella wona;

3o re: Mamelang lentswe la Jehova, lona marena a Juda le baahi ba Jerusalema. Ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Bonang, ke ya tlisetsa nqalo ena bobe boo e mong le e mong ya bo utlwang, ditsebe tsa hae di tla re tsii.

4Erekaha ba ntlhobohile, ba ngadile nqalo ena, mme teng dibano ba di tjheseditse medimo esele e sa kang ya tsejwa ke bona le ke bontata bona le ke marena a Juda, mme ba tlatsitse nqalo ena ka madi a se nang molato;

5mme ba hahetse Baale dinqalo tse diphahameng ho tjhesa bana ba bona teng ka mollo, e tle e be setjheso ho Baale, e leng seo ke sa kang ka ba laela sona, ke sa kang ka ba bolella sona, se sa kang sa itlhahela pelong ya ka;

6ka baka leo, bonang, ho bolela Jehova, ho ya tla matsatsi ao ba sa tlo ka ba bitsa nqalo ena Tofethe ka wona, leha e le kgohlo ya mora Hinnome, ba mpa ba tla e bitsa kgohlo ya polao.

7Ke tla fedisa morero wa Juda le wa Jerusalema nqalong ena, ke ba dihe ka lerumo pela bao e leng dira ho bona, le ka letsoho la ba batlang bophelo ba bona; ditopo tsa bona ke di neele manong a lehodimo le dibatana tsa naha, di tle di jewe ke tsona.

8Mme ke bee motse wona makatso le sesomo, e mong le e mong ya tla feta teng a tle a makale, a sisinye hlooho hodima dikotsi kaofela tsa teng.

9Ke tla ba jesa nama ya bara ba bona le nama ya baradi ba bona; e mong o tla ja nama ya motswalle wa hae tsietsing le patisong eo ba tla patiswa ka yona ke bao e leng dira ho bona le ke ba batlang bophelo ba bona.

10O ntoo pshatla pitsa pela mahlo a batho ba ileng le wena;

11o ba bolelle, o re: Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Ke tla pshatla setjhaba sena le motse wona jwalo, jwalokaha ho pshatlwa pitsa ya mmopi, eo e sa tlo ka e kopanngwa. Mme ho tla patwa ditopo Tofethe, ka ho hloka sebaka moo ho patwang teng.

12Ke tla etsa nqalo ena jwalo le baahi ba teng, ho bolela Jehova, motse ona ke o etse o tshwanang le Tofethe.

13Matlo a Jerusalema le matlo a marena a Juda a tla ba ditshila jwaloka nqalo ya Tofethe; e leng matlo kaofela ao ba hlwellang hodima wona ho tjhesetsa lekgotla lohle la lehodimo dibano le ho tshollela medimo esele dino.

14Yaba Jeremia o kgutla Tofethe moo Jehova a neng a mo rometse teng ho porofeta; a tla a ema lebaleng la ntlo ya Jehova, a re ho setjhaba kaofela:

15Ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Bonang, ke ya tlisetsa motse ona le metse yohle ya mona dikotsi kaofela tseo ke di boletseng bakeng sa yona; hobane ba sataladitse melala ya bona, hore ba tle ba se ke ba utlwa lentswe la ka.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help