DIPESALEME 101 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Dikano tsa Morena.Pesaleme ya Davida.

1Ke tla bina mohau le kahlolo; ke tla binela wena, Jehova. Ke tla ela tsela e se nang molato hloko ... O tla tla neng ho nna?

2Ke tla tsamaya ka tlung ya ka ka pelo e lokileng.

3Nke ke ka bea letho le lebe pela mahlo a ka; ke ntse ke hloile mesebetsi ya batlodi; e ke ke ya nkgomarela.

4Pelo ya bakgopo a e eme hole le nna; ha ke rate ho tsebana le ya bolotsana.

5Ke tla fedisa ya etselletsang motswalle wa hae sephiring, nke ke ka mamella ya mahlo a leletseng, le ya pelo e makoko.

6Mahlo a ka a tla tadima batshepuwa ba lefatshe, ba tle ba ahe le nna; ya latelang tsela e se nang molato, ke tla mo etsa mohlanka wa ka.

7Ya etsang ka ho thetsa, a ke ke a dula ka tlung ya ka; ya etsang leshano ha a na ho ema pela mahlo a ka.

8Ka hosasa ho hong le ho hong, ke tla timetsa ba bolotsana bohle ba naha, ke fedise bohle ba etsang bokgopo motseng wa Jehova.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help