I DIKRONIKE 14 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Dintwa tsa Davida le Bafilesta.

1Hirame, morena wa Tire, a romela manqosa ho Davida, le difate tsa dikedare, le dibetli tsa majwe, le dibetli tsa difate, ho mo hahela ntlo;

2Davida a tseba kahoo hoba Jehova o mo tiisitse ho ba morena wa Iseraele, le hobane o phahamisitse mmuso wa hae ka baka la setjhaba sa hae sa Iseraele.

3Davida a boela a nyala basadi Jerusalema, mme Davida a tswala bara le baradi.

4Ke ana mabitso a bao a ba tswaletsweng a le Jerusalema: ke Shammua, le Shobabe, le Nathane, le Salomone;

5le Jibhare, le Elishua, le Elfelethe;

6le Noga, le Nefege, le Jafia;

7le Elishama, le Beeliada, le Elifelethe.

8Bafilesta eitse ha ba utlwa hore Davida o tlotsitswe ho ba morena wa Baiseraele bohle, Bafilesta bohle ba futuha ba batla Davida. Davida ha a utlwa, a tswa, a ya ba kgahlanyetsa.

9Bafilesta ba ne ba fihlile, mme ba ne ba rasa kgohlong ya Barefaime.

10Yaba Davida o botsa Jehova, a re: Na ke tla ya lwantsha Bafilesta? na o tla ba neela matsohong a ka na? Jehova a re ho yena: Eya, mme ke tla ba neela matsohong a hao.

11Ba futuhela Baale-Peratsime; mme Davida a ba qhala hona teng, a re: Jehova o entse sekgeo ka nna direng tsa ka, jwalokaha metsi a etsa sekgeo lerakong. Ka baka leo, lebitso la teng la bitswa Baale-Peratsime.

12Teng, Bafilesta ba lahla ditshwantsho tsa bona; Davida a laela, tsa ba tsa tjheswa mollong.

13Bafilesta ba boela ba rasa kgohlong.

14Davida a boela a botsa Modimo, mme Modimo wa re ho yena: O se ke wa ba latela; o mpe o ba kgelohe, mme o ba seeletse maloka le difate tsa monokotswai.

15Etlare ha o utlwa modumo wa diqi dintlheng tsa difate tsa monokotswai, o ke o ba lwantshe, hobane etlaba Modimo o se o o eteletse pele ho ya qhala makgotla a Bafilesta.

16Davida a etsa jwalokaha Jehova a mo laetse, mme ba qhala makgotla a Bafilesta ho tloha Gibea ho isa Gesere.

17Botumo ba Davida ba hasana naheng tsohle, mme Jehova a mo etsa ya tshajwang ke ditjhaba tsohle.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help