ESAIA 53 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

1Ke mang ya dumetseng seo re se bolelang, mme letsoho la Jehova le bonahetse ho mang?

2O medile pela hae jwaloka lehlomela, le jwaloka motso o tswang mobung o omeletseng. O ne a se na sebopeho, leha e le bokgabane; re mo tadimile, mme o ne a se na ponahalo eo re neng re ka kgahliswa ke yona.

3O nyatsitswe, a furallwa ke batho; ke motho wa mahloko, ya tsebang mahlomola, ya tshwanang le eo batho ba tshabang ho tadimana le yena; re mo nyatsitse, ha re a ka ra re letho ka yena.

4Kannete, o ipelesitse malwetse a rona, o nkile mahlomola a rona; empa rona, re lekantse hoba ke ya lauwang, ya otlwang ke Modimo, ya hlomodiswang.

5Athe o hlabetswe dibe tsa rona, a tetekwa ka baka la makgopo a rona; kotlo e re tlisetsang kgotso e mo wetse hodimo, mme re pholoswa ke maqeba a hae.

6Bohle re ne re lahlehile jwaloka dinku, re ne re ya e mong le e mong ka tsela ya hae; empa Jehova o mo jarisitse makgopo wohle a rona.

7A etswa hampe, a ntse a mamelletse, a se ke a ahlamisa molomo wa hae, jwaloka konyana e iswang hlabong, le jwaloka nku e semumu pela bakuti ba yona; ha a ka a ahlamisa molomo wa hae.

8A tloswa mahlomoleng le kahlolong; mme ho kile ha lemoha mang hara ba leloko la hae, hore o kgaotswe lefatsheng la ba utlwang, le hore o otlilwe ka baka la sebe sa setjhaba sa ka?

9O beilwe lebitleng le ba babe, empa o bile a ba le morui lefung la hae, kahobane ha a ka a senya letho, mme bokgopo ha bo a ka ba eba teng molomong wa hae.

10Modimo o ratile ho mo roba le ho mmea tlokotsing; empa etlare hobane a bee ho phela ha hae hore e be sehlabelo bakeng sa dibe, o tla bona bana, a eketse matsatsi a hae, morero wa Jehova o atlehe matsohong a hae.

11Ka baka la mofufutso wa moya wa hae, o tla bona se mo kgodisang; mohlanka wa ka ya lokileng o tla bea ba bangata ho loka ka tsebo ya hae, mme o tla jara makgopo a bona.

12Ka baka leo, ke tla mo fa kabelo ya hae hara ba baholo; o tla arolelana kgapo le bahale, hobane o neetse moya wa hae lefu, mme o badilwe le dihlola; o jere dibe tsa ba bangata, mme o tla rapella batlodi.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help