I MARENA 5 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Selekane sa Salomone le Hirame, morena wa Tire. — Salomone o qala ho lokisa tse tlang ho haha tempele.

1Eitse ha Hirame, morena wa Tire, a utlwa hoba Salomone o tlotsitswe ho ba morena tulong tsa ntatae, a romela bahlanka ba hae ho yena; etswe Hirame a ne a ratile Davida le mehla.

2Salomone yena a romela ho Hirame, a re:

3O a tseba hobane ntate Davida o sitilwe ho hahela lebitso la Jehova, Modimo wa hae, ntlo, ka baka la dintwa tse mo hlahetseng hohle, ha ba ha fihla nako eo Jehova a beileng dira tsa Davida tlasa maoto a hae.

4Haele nna, Jehova, Modimo wa ka, o mphomoditse ka nqa tsohle; ha ho sera le matsoso.

5Bona, ke hopotse ho hahela lebitso la Jehova, Modimo wa ka, ntlo, jwalokaha Jehova a boleletse ntate Davida, a re ho yena: Mora wa hao eo ke tla mmea teroneng ya hao tulong tsa hao, ke yena ya tla hahela lebitso la ka ntlo.

6Mme jwale, laela o re, batho ba hao ba nthomele dikedare Lebanone; bahlanka ba ka ba tla tlatsana le bahlanka ba hao; ke tla o nea moputso wa bahlanka ba hao, kamoo o tla mpolella kateng; hobane o a tseba hoba ha ho motho ho rona ya tsebang ho rema difate jwaloka Basidone.

7Eitse Hirame ha a utlwa polelo tsa Salomone, a thaba haholo, a re: Ho bokwe Jehova kajeno, hobane o neile Davida mora ya bohlale ho busa setjhaba seo se seholo.

8Yaba Hirame o romela ho Salomone, a re: Ke utlwile kamoo o rometseng ho nna kateng; haele dikedare le dikiprese, ke tla o etsetsa kamoo o ratang kateng.

9Bahlanka ba ka ba tla di lata Lebanone, ba di theosetse lewatleng; ke tla di bapisa hammoho, di iswe ka lewatle moo o tla laela, di lokollwe teng; o tla di lata, mme ha o file ba ntlo ya ka dijo, etlaba o phethile seo ke se lakatsang.

10Ebile moo Hirame a neang Salomone dikedare le dikiprese, kamoo a ratang kateng.

11Salomone a nea Hirame koro e dikore tse dikete tse mashome a mabedi, e be dijo tsa ba ntlo ya hae, le dikore tse mashome a mabedi tsa ole e hlwekileng; Salomone a nna a nea Hirame ho le hokalo ka lemo se seng le se seng.

12Jehova a nea Salomone, bohlale, jwalokaha a ne a mmaletse; kgotso ya eba teng mahareng a Hirame le Salomone, mme ba babedi ba etsa selekane hammoho.

13Yaba morena Salomone o kgetha banna hara Baiseraele bohle; ha kgethwa banna ba dikete tse mashome a mararo.

14A romela kete tse leshome Lebanone ka kgwedi e nngwe le e nngwe, a nna a ba fapanya, hore ba dule kgwedi e nngwe Lebanone, kgwedi tse pedi ba di dule hae. Adonirame a bewa mohlahlobi wa ba kgethilweng.

15Salomone a roma banna ba dikete tse mashome a supileng ba bajari, le ba dikete tse mashome a robileng meno e mmedi ba betlang majwe dithabeng,

16ho sa balwe matona a maholo a Salomone a laelang mosebetsi, a dikete tse tharo tse nang le makgolo a mararo, a lebelang ba sebetsang mosebetsi oo.

17Morena a laela hore ho tliswe majwe a matonanahadi, le majwe a hlokwang, ho tle ho thewe ntlo ka majwe a betlilweng.

18Dihahi tsa Salomone le dihahi tsa Hirame, le ba Gibale ba a betla, ba lokisa difate le majwe a tla haha ntlo.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help