1Jehova a ke a o utlwe ka tsatsi la matswalo; lebitso la Modimo wa Jakobo le ke le o sireletse.
2A ke a o romele thuso ya hae e tswang sehalalelong, a o fe ho tiya a le Sione!
3A ke a hopole dinyehelo tsa hao kaofela, a amohele ditjheso tsa hao! (Sela.)
4A ke a o fe se ratwang ke pelo ya hao, a phethise tseo o di rerileng!
5Etlaba moo re thabelang hlolo ya hao; ka lebitso la Modimo wa rona re tla emisa difolaga tsa rona. Jehova a ke a o fe tsohle tseo o di qelang.
6Le jwale ke a tseba hobane Jehova o pholosa motlotsuwa wa hae; o tla mo araba a le lehodimong la hae le halalelang, ka diketso tse matla tsa letsoho la hae le letona.
7Ba bang ba ithorisa ka makoloi a bona, ba bang ka bakalli ba bona; empa rona, re tla ithorisa ka lebitso la Jehova, Modimo wa rona;
8bona, ba kobeha, ba wa; empa rona, re tla tiya, re eme.
9Jehova, boloka morena! o ke o re utlwe, ha re o rapela!
Who We AreWhat We EelieveWhat We Do
2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.