II DIKRONIKE 18 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Akabe le Josafate ba futuhela Basiria; Akabe o a hlajwa. — Moporofeta Jehu o nyatsa selekane sa Josafate le Akabe.

1Josafate a atelwa ke leruo le kganya, mme a nyallana le Akabe.

2Kamora dilemo tse itseng, a theohela ho Akabe, Samaria. Akabe a mo hlabela yena le setjhaba seo a ileng le sona manku le makgomo a mangata, mme a mo hlohlelletsa ho futuhela Ramothe-Gileade.

3Akabe, morena wa Iseraele, a re ho Josafate, morena wa Juda: Na o tla ya le nna Ramothe-Gileade na? Josafate a re: Ke ka wena, le setjhaba sa ka se ka setjhaba sa hao; re tla futuha le wena.

4Josafate a re ho morena wa Iseraele: Ako botse molomo wa Jehova pele.

5Morena wa Iseraele a bokanya baporofeta, e le banna ba makgolo a mane, a re ho bona: Hleka re tla futuhela Ramothe-Gileade, kapa ke lese na? Ba re: Nyoloha, Modimo o tla o neela matsohong a morena.

6Josafate a re: Ana ha ho sa le mporofeta wa Jehova mona, eo re ka mmotsang na?

7Morena wa Iseraele a re ho Josafate: Ho sa na le monna e mong eo re ka botsang Jehova ka yena; empa ke mo hloile, kahobane ha a mporofetele molemo, empa e le bobe; ke Mikea, mora Jimla. Josafate a re: Morena a se ke a rialo.

8Ebile morena wa Iseraele o bitsa tona, a re: Phakisa o mpitsetse Mikea, mora Jimla.

9Morena wa Iseraele le Josafate, morena wa Juda, ba ne ba dutse e mong le e mong teroneng ya hae; ba ne ba dutse lekgotleng le kgorong ya Samaria, mme baporofeta bohle ba ne ba ntse ba porofeta pela bona.

10Tsedekia, mora Kenaana, o ne a iketseditse dinaka tsa tshepe, a re: Jehova o re: Ka tsena o tla thula Basiria, o be o ba qete.

11Baporofeta bohle ba ne ba porofeta jwalo, ba re: Nyolohela Ramothe-Gileade; o tla atleha, Jehova o tla o neela matsohong a morena.

12Haele lenqosa le ileng ho bitsa Mikea, la re ho yena: Bona, baporofeta ba ntswe leng ho bolella morena molemo. Ke re, lentswe la hao le lona le be jwaloka lentswe la e mong le e mong wa bona, o bolele molemo.

13Mikea a re: Ka Jehova ya utlwang, seo Modimo wa ka o tla mpolella sona, ke sona seo ke tla se bolela.

14Yaba o fihla ho morena, mme morena a re ho yena: Mikea, na re tla futuhela Ramothe-Gileade kapa ke lese na? A re ho yena: Futuhang, le tla atleha, ba tla neelwa matsohong a lona!

15Morena a re ho yena: Ke tla o antsha ho isa kae hore o mpolelle nnete feela ka lebitso la Jehova?

16Mikea a re: Ke bone Baiseraele bohle ba qhalane dithabeng, jwaloka dinku tse se nang modisa; Jehova o re: Ha ba na morena; e mong le e mong a ipoelle hae ka kgotso!

17Yaba morena wa Iseraele o re ho Josafate: Ana ha ke a ka ka o bolella ka re, a ke ke a mporofetela molemo, e tla ba bobe feela?

18 Mikea a re: Mamelang lentswe la Jehova ke hona: Ke bone Jehova a dutse teroneng ya hae, le makgotla wohle a mahodimo a eme ho le letona la hae le ho le letshehadi.

19Jehova o itse: Ke mang ya tla thetsa Akabe, morena wa Iseraele, hore a ye ho bolaelwa Ramothe-Gileade? E mong o buile ka hore, e mong ka hore.

20Yaba ho tla moya o mong, wa ema pela Jehova, wa re: Ke nna ke tla mo thetsa.

21Jehova a re ho wona: Ka mokgwa ofe? Wa re: Ke tla ya, ke iketse moya wa leshano melomong ya baporofeta ba hae kaofela. A re ho wona: O tla mo thetsa, o be o hlole. Eya, o etse jwalo.

22Bona jwale, Jehova o kentse moya wa leshano melomong ya baporofeta bao bohle ba hao, athe Jehova o boletse kotsi hodima hao.

23Yaba Tsedekia, mora Kenaana, o atamela, a jabela Mikea lerameng, a re: Moya wa Jehova o ne o ye ka tsela efe mohla o ntlohelang hore o ye ho bua le wena?

24Mikea a re: Ho bona, o tla bona tsatsing leo o tla itswaketsa phaposing e nngwe le e nngwe o tle o ipate teng.

25Yaba morena wa Iseraele o re: Tshwarang Mikea, le mo ise ho Amone, monga motse, le ho Joase, mora morena, le re:

26Ho itswe ke morena: Kenyang monna enwa teronkong, le mo fepe bohobe ba matshwenyeho le metsi a matshwenyeho, ke be ke boye ka kgotso.

27Mikea a re: Ha o ka boya ka kgotso, etlaba Jehova ha a ka a bua ka nna. Hape a re: Utlwang tsena, lona setjhaba sohle!

28Yaba morena wa Iseraele o futuhela Ramothe-Gileade, a ena le Josafate, morena wa Juda.

29Morena wa Iseraele a re ho Josafate: Nke ke ikgakanye, ke ye jwalo ntweng; wena, o apare kobo tsa hao. Morena wa Iseraele a ikgakanya, mme ba kena ntweng.

30Haele morena wa Siria, o ne a laetse balaodi ba makoloi ao a nang le wona, a re: Le se ke la lwantsha e monyenyane, kapa e moholo, haese morena wa Iseraele a nnotshi.

31Eitse ha balaodi ba makoloi ba bona Josafate, ba re: Ruri morena wa Iseraele ke eo. Ba kgelohela ho ya mo lwantsha; empa Josafate a meketsa; Jehova a mo thusa, mme Modimo wa ba hlohlelletsa hore ba mo tlohele.

32Eitse ha balaodi ba makoloi ba bona hobane hase morena wa Iseraele, ba mo kgutlela.

33E mong a fula ka seqha sa hae a sa kgethe, mme a hlaba morena wa Iseraele makopanong a tshireletso ya sefuba. Akabe a re ho ya tsamaisang koloi: Sokolla koloi, o nntshe ntweng, hobane ke hlabilwe.

34Ntwa ya befa tsatsing leo, mme morena wa Iseraele a ema koloing ya hae, mabapa le Basiria, ya ba ya eba mantsiboya; a shwa nakong ya ho dikela ha letsatsi.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help