NEHEMIA 1 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Nehemia o rapella bana ba Iseraele.

1Mantswe a Nehemia, mora Hakalia, ke wona ana:

Kgweding ya Kislefe, selemong sa mashome a mabedi, ka re ke sa ntsane ke le Susane, motse wa moreneng,

2ha fihla Hanani, e mong wa banabeso, ba ena le banna ba bang ba Juda; ka ba botsa taba tsa Bajuda ba phonyohileng, e leng masala a setseng a kgoleho, le tsa Jerusalema;

3ba re ho nna: Masala a setseng a kgoleho, a ahileng naheng yane, a mahlomoleng a maholo le sekgobong; lerako la Jerusalema le ntse le le dikgeo, le mamati a teng a dutse a tjhele ke mollo.

4Eitse ha ke utlwa taba tseo, ka dula ka lla, mme ka hlola bofifing ditshiu tse ngatanyana; hape ka itima dijo, ka rapela pela Modimo wa mahodimo,

5ka re: Jo! Jehova, Modimo wa mahodimo, Modimo o moholo, o tshabehang, o bolokelang ba o ratang, ba bolokang melao ya hao, selekane le mohau!

6Oho hle, tsebe ya hao a e ke e sekehwe, mme mahlo a hao a ke a tutubolohe, o tle o utlwe thapelo ya mohlanka wa hao eo ke ntseng ke e nyolosetsa ho wena mehleng ya jwale, motshehare le bosiu ke rapella ka yona bahlanka ba hao, bana ba Iseraele, ke ntse ke bolela dibe tsa bana ba Iseraele, tseo re o sitetsweng ka tsona. Hobane nna le ntlo ya ntate, re sitilwe.

7Re o entse hampe haholo; ha re a ka ra boloka ditaelo le melao le dikahlolo tseo o di laetseng mohlanka wa hao Moshe.

8Elellwa hle lentswe leo o kileng wa le laela mohlanka wa hao Moshe, wa re: Etlare ha le ikgantsha, ke tla le qhalanyetsa hara ditjhaba!

9empa ha le sokolohela ho nna, le boloka melao ya ka, le e etsa, esita leha le be le leleketswe pheletsong ya mahodimo, ke tla le bokella teng, ke le busetse nqalong eo ke e kgethileng ho bea lebitso la ka ho yona.

10Jwale, bao ke bahlanka ba hao, ke setjhaba sa hao, seo o se lopolotseng ka matla a hao a maholo le ka letsoho la hao le matla.

11Oho hle, Jehova, tsebe ya hao a e ke e sekehele thapelo ya mohlanka wa hao le thapelo ya bahlanka ba hao ba ithatetseng ho tshaba lebitso le hao; o ke o atlehise mohlanka wa hao kajeno, mme o mo fumantshe mohau pela monna eno.

Ke ne ke le moqhatsetsi wa morena.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help