GENESE 49 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Boporofeta ba Jakobo hodima bara ba hae. — Ho shwa ha hae. — Ho epelwa ha hae Kanana. — Ho shwa ha Josefa.

1Jakobo a ntoo bitsa bara ba hae, a re:

Phuthanang, ke tle ke le tsebise tse tlang ho le hlahela mehleng e tlang.

2Phuthanang, le mamele, lona bara ba Jakobo, mamelang ntata lona Iseraele.

3Rubene, ke wena letsibolo la ka, matla a ka, sehlooho sa bonna ba ka; o tshwere sehlooho sa boholo, le sehlooho sa bonatla.

4O mahlahahlaha jwaloka metsi, ha o ka ke wa ba kapele, hobane wa na wa hlwella malaong a ntatao; o silafaditse malao a ka mohla monene, ha o a hlweletse.

5Simeone le Levi, ke bana ba mpa; marumo a bona ke dibetsa tse sehloho.

6Moya wa ka o se ke wa kena lekunutung la bona, bohlophehi ba ka bo se ke ba ikopanya le morero wa bona; hobane bohaleng ba bona ba na ba bolaya batho, mme kgalefong ya bona ba na ba kgaola mesifa ya dipoho.

7Ho rohakwe bohale ba bona, hobane e bile bo tukang, le kgalefo ya bona, hobane e ne e sa qenehele! Ke tla ba qadikanya hara Jakobo, ke ba hasanye hara Iseraele.

8Juda, ke wena eo banabeno ba tlang ho o rorisa; letsoho la hao le tla ba hodima melala ya dira tsa hao, bana ba ntatao ba tla inama pela hao.

9Juda ke tauana; moraka, o kgutla ho hapeng! o a lalla, o nanara jwaloka tau, le jwaloka tauhadi; ke mang ya ka mo tsosang?

10Molamu wa borena o ke ke wa tloha ho Juda, kapa lere la bolaodi pakeng tsa maoto a hae, ho be ho fihle Shilo, le ditjhaba di be di mo utlwe.

11O holehile esele ya hae sefateng sa morara, le petsana ya eselana sefateng sa morara se kgethilweng: o hlatswitse diaparo tsa hae veineng, le kobo ya hae mading a morara;

12mahlo a hae a hadima ke veine, le meno a hae a masweu ke lebese.

13Sabulone o tla ahella lebopong la lewatle; o tla ba phihlelong ya dikepe, mme meedi ya hae e tla tshwara ho isa Sidone.

14Issaskare ke esele e matla e bothileng kahara masaka;

15o bone hoba phomolo e monate, le naha hoba ke e kgahlisang; yaba o sekamisetsa lehetla phahlong, a iketsa mofo ya ntshang lekgetho.

16Dane o tla ikahlolela setjhaba sa hae jwaloka o mong wa mefuta ya Iseraele.

17Dane e tla ba noha tseleng, noha e mebalabala mmileng e lomang ditlhako tsa pere, mokalli wa yona a we kasanthao.

18Jehova, ke lebeletse topollo ya hao!

19Gade o tla lwantshwa ke makgotla, empa o tla a qhala, a a phallele.

20Haele Asere, bohobe ba hae e tla ba bo nonneng, o tla hlahisa menate ya marena.

21Nefthali ke letsa le lokolohileng; dipolelo tsa he ke tse monate.

22Josefa ke lekala la sefata se behang, lekala la sefate se behang se pela sediba, seo makala a sona a nametseng hodima lerako.

23Ba phosang ka diqha ba mo phepheditse, ba mo phositse, ba mo hlorisitse.

24Empa seqha sa hae se dutse se tiile, mme matla a matsoho a hae a tiisitswe ke matsoho a senatla sa Jakobo, e leng Modisa le Lefika la Iseraele.

25Modimo wa ntatao o o thusitseng, Ya matla wohle ya o hlohonolofaditseng ka mahlohonolo a lehodimo le o okametseng, le ka mahlohonolo a bodiba bo dutseng katlase, le ka mahlohonolo a matshwele le a popelo.

26Dihlohonolofatso tsa ntatao di fetisitse hlohonolofatso tsa bontate moholo, di fihletse matlotlo a marallana a sa feleng; di tla dula hodima hlooho ya Josefa, hloohong ya ya kgethetsweng borena hara banababo!

27Benjamine ke phiri e rusollang; ka hosasa o ja nama ya se bolailweng, mantsiboya a ikarolele thepa.

28Ke yona ena meloko kaofela ya Iseraele, e leshome le metso e mmedi, mme ke tsona ditaba tseo ntata bona a di buileng ho bona, a ba hlohonolofatsa, a hlohonolofatsa e mong le e mong ka hlohonolofatso ya hae.

29A ba laela, a re ho bona: Nna, ke orohela setjhabeng sa heso, le tle le mpate ho bontate, lehaleng le tshimong ya Efrone, Mohethe;

30lehaheng le tshimong ya Makpela, ka nqa botjihabela ho Mamre, naheng ya Kanana, leo Abrahama a le rekileng hammoho le tshimo ho Efrone, Mohethe, e tle e be setsha sa hae sa mabitla.

31Ke moo Abrahama le Sara, mohatsa hae, ba patilweng teng; ke moo Isaaka le Rebeka, mohatsa hae, ba patilweng teng; ke moo ke patileng Lea teng.

32Tshimo le lehaha le ho yona di rekilwe ho bana ba Hethe.

33Eitse ha Jakobo a qetile ho laela bara ba hae, a busetsa maoto a hae diphateng, a neela moya, a orohela setjhabeng sa habo.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help