ESDRASE 5 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Ho hahuwa ha tempele ho boela ho tswela pele.

1Jwale moporofeta Haggai le moporofeta Sakaria, mora Iddo, ba porofetela Bajuda ba leng Juda le Jerusalema ka lebitso la Modimo wa Iseraele o neng o bua le bona.

2Yaba Sorobabele, mora Salathiele, le Joshua, mora Jotsadake ba tsoha, ba boela ba qala ho haha ntlo ya Modimo e Jerusalema, ba ena le baporofeta ba Modimo ba ba tlatsang.

3Motsotsong oo, ha tla ho bona Thathnai, mmusisi wa naha e mose o kwano ho noka, a ena le Shethare-Bosnai le balekane ba bona, ba re ho bona: Le laetswe ke mang ho haha ntlo eo le ho phetha lerako leo?

4Yaba re a ba bolella, ra ba bolella le mabitso e banna ba hahang mohaho ona.

5Empa leihlo la Modimo wa bona la nna la shadima baholo ba Bajuda, bano ba ba ba sitwa ho ba thibela, ha taba eo e sa ntsane e isitswe ho Dariuse, mme ho sa lebeletswe lengolo le arabang taba tseo.

6Ke yona kopi ya lengolo le neng le rometswe ho morena Dariuse ke Thathnai, mmusisi wa naha e mose o kwano ho noka, a ena le Shethare-Bosnai le balekane ba bona ba Afarsa, ba mose o kwano ho noka.

7Ba mo romela lengolo leo ho ngodilweng taba tsena ho lona; le re: Ho morena Dariuse, dumela haholo!

8Morena a ke a tsebe hoba re ne re ile setrekeng sa Juda, tlung ya Modimo o moholo; e hahuwa ka majwe a maholohadi a betlilweng; difate di bewa hodima marako, mme mosebetsi o etswa ka phakiso, hape o atleha matsohong a bona.

9Re botsitse baholo, ra bua le bona, ra re: Le laetswe ke mang ho haha ntlo eo le ho phetha lerako leo!

10Ra ba botsa le mabitso a bona, re tle re o tsebise wona, re tle re ngole mabitso a banna ba ba tsamaisang.

11Ba re fetotse, ba itse: Re bahlanka ba Modimo wa mahodimo le lefatshe, mme re tsosa ntlo e neng e hahuwe kgale, ho se ho le dilemo tse ngata, e na beng e hahilwe, ya ba ya phethwa ke morena e moholo e mong wa Iseraele.

12Empa eitse hobane bontata rona ba halefise Modimo wa mahodimo, wa ba neela matsohong a Nebukadnesare Mokalde, morena wa Babilona; ke yena ya neng a fedise ntlo ena, a ba a isa setjhaba Babilona kgolehong.

13Leha ho le jwalo, ka selemo sa ho qala sa ho busa ha Siruse, morena wa Babilona, morena Siruse a laela hore ntlo ya Modimo e tsoswe.

14Esita le mesebetsi ya kgauta le ya silefera ya ntlo ya Modimo, e neng e ntshitswe tempeleng ya Jerusalema ke Nebukadnesare, a ba a ya le yona, a e bea tempeleng ya Babilona, morena Siruse a e ntsha tempeleng ya Babilona, mme a e busetsa ho ya bitswang Sheshebatsare, ya beilweng mmusisi ke yena.

15A re ho yena: Nka mesebetsi ena, o ye le yona, mme o e bee tempeleng ya Jerusalema, mme ntlo ya Modimo e fele e tsoswe setsheng sa yona.

16Sheshebatsare eo o ne a tle jwalo; ke yena ya theileng metheo ya ntlo ya Modimo e Jerusalema; ha e sa le mohlang oo e ntse e hahuwa jwalo; le jwale ha e eso ho fele.

17Ha ho le jwalo, ha morena a dumela, ho ke ho batlwe bobolokelong ba matlotlo a morena bo Babilona, ha ekaba taelo e kile ya laelwa ke morena Siruse, ya ho haha ntlo eo ya Modimo e Jerusalema; mme morena a ke a re romele thato ya hae bakeng sa taba eo.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help