II MARENA 15 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Asaria (Osiase), morena wa Juda. — Sakaria, Shallume, Menaheme, Pekakia, Peka, marena a Iseraele. — Jothame, morena wa Juda.

1Ka selemo sa mashome a mabedi a metso e supileng sa Jeroboame, morena wa Iseraele, Asaria, mora Amatsia, morena wa Juda, a qala ho busa.

2O ne a le dilemo tse leshome le metso e tsheletseng ha a qala ho busa, mme a busa ka lemo tse mashome a mahlano a metso e mmedi Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Jekolia wa Jerusalema.

3A etsa ho lokileng mahlong a Jehova, ka tsohle tse entsweng ke ntatae Amatsia.

4Feela, nqalo tse diphahameng ha di a ka tsa tloswa; setjhaba sa nna sa hlaba, sa tjhesa dibano nqalong tse diphahameng.

5Empa Jehova a otla morena, ya eba molepera ho isa ho shweng ha hae, a dutse tlung e kathoko. Mme Jothame, mora morena, a bewa modisa wa ntlo ya morena, a ahlolela setjhaba sa lefatshe.

6Haele taba tse ding tsa Asaria le tsohle tseo a di entseng, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Juda?

7Yaba Asaria o orohela ho bontatae, a patwa ho bontatae motseng wa Davida, mme Jothame, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.

8Ka selemo sa mashome a mararo a metso e robileng meno e mmedi sa Asaria, morena wa Juda, Sakaria, mora Jeroboame, a qala ho busa Iseraele a le Samaria, a busa ka kgwedi tse tsheletseng.

9A etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, jwalokaha ho no ho entse bontatae, a se ke a furalla dibe tsa Jeroboame, mora Nebathe, tseo a sebisitseng Iseraele ka tsona.

10Ebile Shallume, mora Jabeshe, o mo fetohela, a mo hlaba mahlong a setjhaba, a mmolaya, mme ya eba yena morena tulong tsa hae.

11Haele taba tse ding tsa Sakaria, le tsona di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Iseraele.

12Ya eba yona taba e neng e boleletswe Jehu ke Jehova, mohla a reng: Bara ba hao ba moloko wa bone ba tla dula teroneng ya Iseraele. Ha fela ha eba jwalo.

13Shallume yena, mora Jabeshe, a qala ho busa ka selemo sa mashome a mararo a metso e robileng mono o le mong sa Osiase, morena wa Juda; a busa Samaria ka kgwedi e le nngwe.

14Yaba Menaheme, mora Gadi, o tloha Thirtsa, a tla Samaria, a hlaba Shallume, mora Jabeshe, Samaria, a mmolaya, mme ya eba yena morena tulong tsa hae.

15Haele taba tse ding tsa Shallume, le tsa ho fetoha ha hae, tsa kamoo a fetohileng kateng, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Iseraele.

16Yaba Menaheme o tloha Thirtsa, a kena Thifsa, a bolaya bohle ba teng le ba mathoko wohle a teng; kahobane ba ne ba sa ka ba mmulela monyako, a ba bolaya ke hona; basadi bohle ba baimana a petsola dimpa tsa bona.

17Ka selemo sa mashome a mararo a metso e robileng mono o le mong sa Asaria, morena wa Juda, Menaheme, mora Gadi, a qala ho busa Iseraele, a busa ka dilemo tse leshome Samaria.

18A etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, a se ke a furalla ka tshiu tsohle tsa hae dibe tsohle tsa Jeroboame, mora Nebathe, tseo a sebisitseng Iseraele ka tsona.

19Yaba Pule, morena wa Assiria, o futuhela lefatshe la Iseraele; empa Menaheme a nyehella Pule ka talenta tse sekete tsa silefera, hore a mo thuse ho tiisa mmuso letsohong la hae.

20Menaheme a ntshisa Iseraele lekgetho la tjhelete tseo, a re, bohle ba ruileng ba ntshetse morena wa Assiria, motho ka mong a ntshe dishekele tse mashome a mahlano tsa silefera. Ebile moo morena wa Assiria a kgutlang, a se ke a dula lefatsheng la Iseraele.

21Haele taba tse ding tsa Menaheme, le tsohle tseo a di entseng, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Iseraele?

22Menaheme a ntoo orohela ho bontatae; mme Pekakia, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.

23Ka selemo sa mashome a mahlano sa Asaria, morena wa Juda, Pekakia, mora Menaheme, a qala ho busa Iseraele, a le Samaria, a busa ka dilemo tse pedi.

24A etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, a se ke a furalla dibe tsa Jeroboame, mora Nebathe, tseo a sebisitseng Iseraele ka tsona.

25Yaba Peka, mora Remalia, tona ya hae, o a mo fetohela, a mo hlaba Samaria, qhobosheaneng ya ntlo ya borena, ba ena le Argobe, le Arie, le banna ba mashome a mahlano ba Gileade; a mmolaya, mme ya eba yena morena tulong tsa hae.

26Haele taba tse ding tsa Pekakia, le tsohle tseo a di entseng, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Iseraele.

27Ka selemo sa mashome a mahlano a metso e mmedi sa Asaria, morena wa Juda, Peka, mora Remalia, a qala ho busa Iseraele, a le Samaria, a busa ka dilemo tse mashome a mabedi.

28A etsa ho leng hobe mahlong a Jehova; a se ke a furalla dibe tsa Jeroboame, mora Nebathe, tseo a sebisitseng Iseraele ka tsona.

29Tsiung tsa Peka, morena wa Iseraele, ha tla Tiglathe-Pilesere, morena wa Assiria, a nka Ijone, le Abele-Bethe-Maaka, le Janowa, le Kedeshe, le Hatsore, le Gileade, le Galelea, e leng naha yohle ya Nefthali, a isa batho ba teng Assiria kgolehong.

30Yaba Osea, mora Ela, o fetohela Peka, mora Remalia, a mo hlaba, a mmolaya, mme ya eba yena morena tulong tsa hae, e le ka selemo sa mashome a mabedi sa Jothame, mora Osiase.

31Haele taba tse ding tsa Peka le tsohle tseo a di entseng, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Iseraele.

32Ka selemo sa bobedi sa Peka, mora Remalia, morena wa Iseraele, Jothame, mora Osiase, morena wa Juda, a qala ho busa.

33O ne a le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mehlano, ha a qala ho busa, a busa ka dilemo tse leshome le metso e tsheletseng Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Jerusha, moradi wa Tsadoke.

34A etsa ho lokileng mahlong a Jehova, a etsa ka tsohle tse entsweng ke ntatae Osiase.

35Feela, nqalo tse diphahameng ha di a ka tsa tloswa, setjhaba sa nna sa hlaba, sa tjhesa dibano nqalong tse diphahameng. A haha monyako wa ntlo ya Jehova o ka nqa hodimo.

36Haele taba tse ding tsa Jothame, le tsohle tseo a di entseng, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Juda?

37Tshiung tseo, Jehova a qala ho romela Juda Retsine, morena wa Siria, le Peka, mora Remalia, ho lwantsha Juda.

38Jothame yena a orohela ho bontatae, a patwa ho bontatae, motseng wa ntatae Davida; mme Akase, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help