ESAIA 34 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Phediso ya Edomo. — Ho kgutla ha Iseraele.

1Atamelang, lona ditjhaba, le tle le utlwe; lona batho, le mamele! Lefatshe, a le ke le mamele, le tse ho lona kaofela, lefatse le tse tswang ho lona kaofela!

2Hobane Jehova o halefetse ditjhaba tsohle, o halefetse makgotla a tsona kaofela; o di neetse thohako, o di neetse lefu.

3Bafu ba tsona ba tla lahlwa feela, sebodu se tswe ditopong tsa bona, madi a tsona a phalle dithabeng.

4Makgotla kaofela a mahodimo a tla qhibiliha; mahodimo a tla menwa jwaloka buka e ngodilweng, makgotla a wona a wele fatshe jwaloka mahlaku a morara ha a foforeha, le jwaloka mahlaku a sefate sa feiye ha a pona.

5Hobane lerumo la ka le tahilwe lehodimong; bonang, le tla theohela hodima Edomo le hodima setjhaba seo ke se neetseng thohako.

6Lerumo la Jehova le tletse madi, le kganathetse mafura le madi a dikonyana, le a diphooko, le mafura a difutsi tsa dipheleu; hobane Jehova o na le sehlabelo Botsra, le hlabo e kgolo naheng ya Edomo.

7Dinare le dipoho le dipholo di tla wa le tsona; lefatshe la tsona le tla nosetswa ke madi, naha ya tsona e nontshwe ke mafura.

8Hobane Jehova o beile letsatsi la tefetso, le selemo sa phetetso seo a tla lefetsa Sione ka sona.

9Melapo ya Edomo e tla fetoha boka, mobu wa teng e tla ba sebabole, naha ya teng e be naha ya boka bo tjhang.

10E ke ke ya tingwa ke motho bosiu le motshehare, mosi wa yona o tla nyoloha ka ho sa yeng kae, e tla ba nahathothe kamehla le mehla; ha ho motho leha a le mong ya tla feta teng.

11E tla ruwa ke moholodi le ke hlong; sephooko le lekgwaba di tla aha teng, mme e tla lekanngwa ka thapo ya tshenyo le ka thapo ya polao.

12Baholo ba teng ba tla hlokeha ba ka kgethang morena, mahosana wohle a teng a tla fetoha lefeela.

13Meutlwa e tla mela matlung a marena a teng, bobatsi le dihlahla di mele diqhobosheaneng tsa teng, e be naha ya diphokojwe le makgulo a dimpshe.

14E tla ba moo dibatana tsa naha e tshehla di bokanang teng hammoho le diphiri, ditshwene di tla tla kgahlanyetsana teng; e tla ba moaho wa dithotsela tsa bosiu, ke moo di tla fihlela phomolo.

15Ke moo qowane e tla etsa ntlo ya yona, e bee mahe, e a alame, e hodise madinyane a yona moriting wa yona: matlaka le wona a tla kopana teng hammoho.

16Batlang bukeng ya Jehova, le bale! Ha ho le e nngwe ya phoofolo tseo e tla hlokahala, ha ho e nngwe e tla ba siyo, hobane molomo wa ka o boletse; ke moya wa hae o tla di bokella.

17Hobane o rerile bakeng sa tsona; letsoho la hae le tla di arolela lefatshe, a le lekanye ka kgole; di tla le rua ka ho sa yeng kae, di phele teng kamehla le mehla.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help