JOHANNE 4 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Mosadi wa Samaria.

1Eitse ha Morena a tseba hobane bafarisi ba utlwile ha ho thwe: Jesu o fetisa Johanne ka ho etsa barutuwa le ka ho kolobetsa, —

2leha e ne e se yena Jesu ya kolobetsang, empa e le barutuwa ba hae, —

3a tloha Judea, mme a boela a ya Galelea.

4E ne e ka kgona a haole ka Samaria.

5Yaba o fihla motseng wa Samaria, o bitswang Sikare, haufi le naha eo Jakobo a neng a e nee Josefa, mora wa hae.

6Sediba sa Jakobo se teng moo. Jesu, kahobane a ne a kgathetse ke tsela, a dula pela sediba; e ne e batla e le hora ya botshelela.

7Jwale mosadi e mong wa Samaria a tla kga metsi, Jesu a re ho yena: Mphe, ke nwe.

8Hobane barutuwa ba hae ba ne ba ile motseng ho reka dijo.

9Mosadi eo wa Samaria a re ho yena: Ere o le Mojuda, o qela jwang metsi ho nna, ke le mosadi wa Samaria? Athe Bajuda ha ba kopane le Basamaria.

10Jesu a mo araba, a re: Hoja o tsebile neo ya Modimo, le ya reng ho wena: Mphe, ke nwe, ke wena o ka beng o qetse ho yena, mme a ka be a o file metsi a kollang.

11Mosadi a re ho yena: Morena, ha o na sekgello sa ho kga, le sediba se sekoti; metsi ao a kollang o a nkile kae na?

12Na o moholo ho ntata rona Jakobo, ya re neileng sediba sena, a ba a nwa ho sona ka sebele sa hae, le bara ba hae, le dikgomo tsa hae?

13Jesu a mo araba, a re: E mong le e mong ya nwang metsi ana, o tla boela a nyorwe.

14Empa e mong le e mong ya nwang metsi ao ke mo neang wona, a ke ke a hlola a nyorwa le ka mohla o le mong, mme metsi ao nna ke mo neang wona, e tla ba ka ho yena sediba sa metsi a phallelang bophelong bo sa feleng.

15Mosadi a re ho yena: Morena, mphe metsi ao, ke tle ke se hlole ke nyorwa, mme ke se hlole ke tla kga mona.

16Jesu a re ho yena: Ya bitsa monna wa hao, mme le tle kwano.

17Mosadi a araba, a re: Ha ke na monna. Jesu a re ho yena: O boletse hantle, ha o itse: Ha ke na monna.

18Hobane o kile wa ba le banna ba bahlano, mme eo o nang le yena jwale hase monna wa hao; moo o boletse nnete.

19Mosadi a re ho yena: Morena, ke a bona hobane o moporofeta.

20Bontata rona ba ne ba rapela thabeng eo; mme lona le re, nqalo eo ho tshwanetsweng ho rapelwa teng, e Jerusalema.

21Jesu a re ho yena: Mosadi, ntumele, nako e a tla, eo le sa tlo ka le rapela Ntate thabeng eo, leha e le Jerusalema.

22Lona, le rapela seo le sa se tsebeng; rona re rapela seo re se tsebang; hobane poloko e tswa ho Bajuda.

23Empa nako e a tla, le jwale e setse e le yona, eo barapedi ba nnete ba tla rapela Ntate ka moya le ka nnete; hobane Ntate o batla ba mo rapelang jwalo.

24Modimo ke Moya: ba o rapelang e ka kgona ba rapele ka moya le ka nnete.

25Mosadi a re ho yena: Ke a tseba hobane Messia, ya bitswang Kreste, o tla tla; mohla eo a tlileng, o tla re tsebisa tsohle.

26Jesu a re ho yena: Ke nna, ya buang le wena.

27Yaba barutuwa ba hae ba fihla, mme ba makala ka hoba a ne a bua le mosadi; leha ho le jwalo, ha ho a ka ha eba ya reng ho yena: O batlang? kapa: O buelang le yena?

28Yaba mosadi o siya nkgo ya hae, a ya motseng, a re ho batho:

29Tloong, le bone motho ya mopleletseng tsohle tseo ke di entseng. Na e ke se be ke yena Kreste?

30Yaba ba tswa motseng, mme ba tla ho Jesu.

31Lekgatheng leo, barutuwa ba hae ba ne ba mo rapela, ba re: Rabbi, ako je.

32A re ho bona: Nna ke na le sejo seo ke se jang, seo lona le sa se tsebeng.

33Yaba barutuwa ba botsana, ba re: Hleka e mong o kile a mo tlisetsa dijo na?

34Jesu a re ho bona: Sejo sa ka ke ho etsa thato ya ya nthomileng, le ho phetha mosebetsi wa hae.

35Ana ha le re, kgwedi di sa le nne, mme etlaba e se e le kotulo? Empa ke re ho lona: Emisang mahlo a lona, le tadime masimo, hobane a se a sweufaletse ho kotulwa.

36Ya kotulang o nka moputso, mme o bokellela bophelo bo sa feleng dijo, hore ya jalang a thabe hammoho le ya kotulang.

37Hobane ke moo ho netahalang polelo ena e reng: E mong o a jala, mme e mong o a kotula.

38Ke le romile ho kotula moo le sa kang la sebetsa teng; ba bang ba sebeditse, mme lona le keneletse mosebetsing wa bona.

39Basamaria ba bangata ba motse oo ba dumela ho yena, ka baka la polelo e boletsweng ke mosadi eo, ha a itse: O mpoleletse tsohle tseo ke di entseng.

40Ka baka leo, eitse ha Basamaria ba fihla ho yena, ba mo rapela, ba re, a dule le bona; mme a hlola ditshiu di le pedi teng.

41Ha ba ha dumela ho yeua ka baka la polelo ya hae ba bangata ho fetisa ba pele.

42Ba ne ba re ho mosadi: Ha re sa dumela ka baka la polelo ya hao; hobane re ikutlwetse, mme re a tseba hobane enwa ke Kreste ruri, Mmoloki wa lefatshe.

Jesu o fodisa mora wa kgosana.

43Eitse ha matsatsi a mabedi a fetile, a tloha teng, a ya Galelea.

44Hobane le yena Jesu o ne a boletse, a re: Moporofeta ha a bokwe naheng ya habo.

45Eitse ha a fihla Galelea, Bagalelea ba mo amohela, kahobane ba ne ba bone tsohle tseo a di entseng Jerusalema mohla mokete; hobane le bona ba ne ba ile moketeng.

46Jesu a boela a tla Kana wa Galelea, moo a neng a fetotse metsi veine. Mme kgosana e ne e le teng, eo mora wa yona a kulang Kapernauma.

47Monna eo eitse ha a utlwa hobane Jesu o fihlile Galelea, a etswa Judea, a tla ho yena, a mo rapela, a re, a theohe, a ye ho fodisa mora wa hae; hobane o ne a se a le makgatheng a ho shwa.

48Yaba Jesu o re ho yena: Ha le sa bone mehlolo le meeka, ha le ke le dumela.

49Kgosana ya re ho yena: Morena, ako theohe, ngwana ka a eso ho shwe.

50Jesu a re ho yena: Eya; mora wa hao o pholohile. Monna eo a dumela taba eo Jesu a mmolellang yona, a ikela.

51Yare ha a sa theoha, a kgahlanyetswa ke ba hlanka ba hae, ba mo tsebisa, ba re: Mora wa hao o pholohile.

52A ba botsa hora eo a ikutlwileng ho thuseha ka yona. Ba re ho yena: Maobane, ka hora ya bosupa, febere e mo tlohetse.

53Yaba ntata ngwana o lemoha hobane ke ka yona hora eo Jesu a neng a re ho yena: Mora wa hao o pholohile. A ba a dumela le ba ntlo ya hae kaofela.

54Jesu a etsa mohlolo oo wa bobedi, ha a fihla Galelea, a etswa Judea.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help