HOSEA 14 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

1Iseraele, kgutlela ho Jehova, Modimo wa hao, hobane o wele ka baka la bokgopo ba hao.

2Inkeleng dipolelo, le kgutlele ho Jehova, le re ho yena: Tlosa dibe tsohle, o amohele ho hotle, re o lebohe ka mahlabelo a maleme a rona.

3Baassiria ba ke ke ba re pholosa; dipere re ke ke ra di palama, mme mosebetsi wa matsoho a rona ha re sa tla o bitsa modimo wa rona, hobane ke ho wena kgutsana e bonang mohau.

4Ke tla fodisa bokwenehi ba bona, ke ba rate ka ho ithatela ha ka, hobane bohale ba ka bo tlohile ho bona.

5Ke tla ba jwaloka phoka ho Iseraele; o tla thunya jwaloka dipalesa, a mele metso jwaloka Lebanone.

6Makala a hae a tla hlomela; kganya ya hae e tla ba jwaloka ya mohlwaare, le monko wa hae jwaloka wa Lebanone.

7Ba ahileng moriting wa hae ba tla tsosa koro, ba thunye jwaloka morara; ho tuma ha hae ho be jwalokaha morara wa Lebanone.

8Wena Efraime, ke na le taba efe le ditshwantsho? Ke nna ke mo utlwang, ke mo lebelang; nna, ke jwaloka sefate sa kiprese se setala, tholwana ya hao e fumanwa ho nna.

9Ke ofe ya bohlale, ya ka utlwisisang taba tseo, ya nang le kelello hore a di tsebe? Hobane ditsela tsa Jehova di lokile, ba lokileng ba tla tsamaya ho tsona, empa baikgantshi ba tla kgoptjwa ho tsona.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help