DIPROVERBIA 30 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

1Dipolelo tsa Agure, mora Jake; tshenolo eo monna eo a e boleletseng Ithiele le Ukale.

2Ruri, ke thotofetse ho fetisa bohle; ha ke na kutlwisiso ya motho;

3hobane ha ke a ka ka ithuta bohlale, mme ha ke na tsebo ya bahalaledi.

4Ke mang ya nyolohetseng lehodimong, a ba a theoha a etswa teng? Ke mang ya fuparetseng moya letsohong la hae? Ya bokeletseng mawatle kobong ya hae ke ha e le mang? Ke mang ya tiisitseng dipheletso tsa lefatshe? Lebitso la hae ke mang? Ke mang lebitso la mora hae, ha o fela o tseba?

5Mantswe wohle a Modimo a hlwekile; ke thebe ho ba o tshepang.

6O se ke wa eketsa tseo o di buileng, esere mohlomong wa o kgalemela, mme wa fumanwa o le leshano.

7Di pedi tseo ke di kopileng ho wena, Modimo; o se ke wa nkganela ka tsona, ke eso ho shwe.

8Suthisetsa bosawana le puo ya leshano hole le nna. O se ke wa mpha bofuma, leha e le maruo; mphepe ka bohobe bo ntekanang;

9esere mohlomong ha ke kgotshe, ka o latola, ka re: Jehova ke mang na? mohlomong ha ke fumanehile, ka utswa, mme ke tlaela ka lebitso la Modimo wa ka.

10O se ke wa etselletsa mohlanka ho monga hae, esere a o rohaka, mme wa fumanwa o le molato.

11O teng moloko o mong o rohakang ntata wona, o sa hlohonolofatseng le mma wona.

12Moloko oo o hlwekile mahlong a wona, athe ha o eso ho itlhatswe ditshila tsa wona.

13E, moloko o teng o mahlo a phahamileng hakalo, o dintshi di leletseng hakalo!

14Moloko o teng o meno a kang marumo, o meno a mohlahare a kang dithipa, ho ja bahlomohi, ho ba fedisa lefatsheng, ho fedisa le bafumanehi bathong.

15Kwidi e na le baradi ba babedi, ba llang kamehla, ba re: Mphe! mphe! Ntho tse tharo di teng tse sa kgoreng, nka re, di nne, tse sa reng le ka mohla o le mong: Ho lekane!

16Ke nqalo ya bafu, le mpa e sa tswaleng, le mobu o sa kgoreng metsi, le mollo o sa reng: Ho lekane!

17Leihlo la motho ya somang ntatae, ya nyedisang thuto ya mmae, makgwaba a molapo a tla le honya, madinyane a ntsu a le je.

18Ntho tse tharo di teng tse ntlhollang, nka re, di nne tseo ke sa di tsebeng:

19ke mohlala wa ntsu sebakeng sa lehodimo, le mohlala wa noha lefikeng, le mohlala wa sekepe mahareng a lewatle, le mohlala wa monna mosading.

20Mokgwa wa mosadi wa sehlola o jwalo le wona; o a ja, o itlhakola molomo, mme o re: Ha ke a ka ka etsa bokgopo!

21Lefatshe le thothometswa ke dintho tse tharo, nka re, tse nne di teng tseo le ke keng la di jara:

22ke mofo ya fetohileng morena, le lehlanya le kgorang bohobe,

23le mosadi ya lonya, mohla a nyalwang, le lekgabunyane la mosadi le jang lefa la mofumahadi wa lona.

24Dintho tse nne di teng lefatsheng, tse nyenyane, empa di bohlale bo boholo:

25ke bohlwa, setjhaba se se nang matla, athe lehlabula se ipokellela dijo;

26ke dipela, setjhaba se fokolang, athe se ikgethela matlo mafikeng;

27ke ditsie, leha di se na marena, di tsamaya ka makgotla;

28ke mokgodutswane o itshwarellang ka matsoho, mme o ikenela le matlung a marena.

29Ntho tse tharo di teng tse bohehang ha di tsamaya; tjhe, di nne tseo metsamao ya tsona e kgahlehang:

30ke tau, mohale hara dibata tsohle, e sa tshabeng letho le letho;

31ke pere e lokiseditsweng ntwa, le moribi, leha e le morena ha a tsamaya pela makgotla a hae.

32Ekare ha o entse bosawana ka ho ikgohomosa, mme o hopotse bobe, bea letsoho molomong!

33Hobane ho fehla lebese ho hlahisa sereledi; ho penya dinko ho hlahisa madi; mme ho hotetsa bohale ho hlahisa dikomang.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help