LEVITIKE 4 - Sesotho 1909/1961 (SO)(SSO61-SO)

Mahlabelo a sebe.

1Jehova a bua le Moshe, a re:

2Bolella bana ba Iseraele, o re: Etlare ha motho a tlotse ka ho se tsebe o mong wa melao ya Jehova, ka ho etsa se sa tshwanelang ho etswa:

3Ha ekaba ya entseng sebe ke moprista ya tlotsitsweng, mme kahoo a dihetse batho molatong, o tla hlahisetsa Jehova pohwana e se nang sekodi ka baka la sebe seo a se entseng, e le sehlabelo sa sebe.

4O tla tlisa pohwana eo pela tente ya pokano; o tla bea letsoho la hae hloohong ya pohwana eo, mme o tla e hlaba pela Jehova.

5Moprista ya tlotsitsweng o tla nka madi a mang a poho eo, a a tlise ka tenteng ya pokano.

6Moprista o tla qopetsa monwana wa hae mading ao, mme a foke ka wona hasupa pela Jehova, pela lesira la sehalalelo.

7Moprista o tla bea madi a mang manakeng a aletare ya dibano tse nkgang hamonate, e pela Jehova, tenteng ya pokano; madi kaofela a setseng a poho, o tla a tshollela fatshe aletareng ya ditjheso e emeng pela monyako wa tente ya pokano.

8O tla nka mafura wohle a poho ya sehlabelo sa sebe, e leng mohlehlo o apesang mala,

9le mafura kaofela a kgomaretseng mala, le diphio tse pedi, le mafura a tsona ho isa ho a mahlono, le mafura a kguto a katlase ho sebete, mme o tla a kgaola pela diphio.

10Moprista o tla nka ntho tseo ka mokgwa oo di nkwang ka wona pohong ya sehlabelo sa teboho, mme o tla di tjhesa aletareng ya ditjheso.

11Empa letlalo la poho eo, le nama ya yona yohle, le hlooho ya yona, le ditlhako tsa yona, le mala a yona, le moswang wa yona,

12ke re, poho kaofela, e tla hulelwa kantle ho diahelo, nqalong e hlwekileng, thotobolong ya melora, mme o tla e tjhesa ka patsi feela; e tla tjheseletswa thotobolong ya melora.

13Ha ekaba ke phutheho ya Iseraele kaofela e wetseng sebeng ka ho se tsebe le ka ho se lemohe, e tlotse o mong wa melao ya Jehova, ka ho etsa tse sa tshwanelang ho etswa, mme ho entswe molato:

14etlare ha sebe se entsweng se lemohuwa, phutheho e tla hlahisa pohwana bakeng sa sebe, mme e tla tliswa pela tente ya pokano.

15Baholo ba phutheho ba tla bea matsoho a bona hloohong ya poho, pela Jehova, mme poho e tla hlajwa pela Jehova.

16Moprista ya tlotsitsweng o tla isa madi a mang a poho tenteng ya pokano;

17moprista o tla qopetsa monwana wa hae mading ao, mme o tla foka hasupa pela Jehova, malebana le lesira;

18madi a mang o tla a bea manakeng a aletare e pela Jehova, tenteng ya pokano; madi kaofela a setseng o tla a tshollela fatshe aletareng ya ditjheso e monyako wa tente ya pokano.

19O tla nka mafura a yona kaofela, a a tjhese aletareng.

20O tla etsa ka poho eo kamoo a entseng ka poho ya sehlabelo sa sebe kateng; o tla e etsa jwalo. Moprista o tla ba etsetsa pheko jwalo, ba tle ba tshwarelwe.

21Poho e tla thothelwa kantle ho diahelo, mme e tla tjheswa, jwalokaha ho tjhesitswe poho ya pele: ke sona sehlabelo sa sebe sa phutheho.

22Ha ekaba ke kgosana e entseng sebe, e tlotseng o mong wa melao ya Jehova, Modimo wa yona, ka ho se tsebe le ka ho etsa tse sa tshwanelang ho etswa, e entse molato.

23Etlare ha e bontshwa sebe seo e se entseng, e tla hlahisa podi e tona e se nang sekodi, e be sehlabelo sa yona.

24E tla bea letsoho la yona hloohong ya podi, mme e tla e hlaba moo ho hlabelwang ditjheso teng, pela Jehova; ke sehlabelo sa sebe.

25Moprista o tla qopetsa monwana wa hae mading a sehlabelo sa sebe, a a bee manakeng a aletare ya ditjheso, mme madi a setseng o tla a tshollela fatshe aletareng ya ditjheso.

26O tla tjhesa mafura kaofela a podi aletareng, jwaloka mafura a sehlabelo sa teboho; moprista o tla etsetsa motho eo pheko ya sebe sa hae jwalo, a tle a tshwarelwe.

27Ha ekaba ke motho feela wa setjhaba ya entseng sebe ka ho se tsebe, ka ho tlola o mong wa melao ya Jehova, ka ho etsa se sa tshwanelang ho etswa, o entse molato.

28Etlare ha a lemoswa sebe seo a se entseng, o tla hlahisa sehlabelo bakeng sa sebe seo a se entseng, e le podi e tshehadi, e se nang sekodi.

29O tla bea letsoho la hae hloohong ya podi ya sehlabelo sa sebe, mme o tla e hlaba nqalong ya ditjheso.

30Moprista o tla nka madi a mang a yona ka monwana, a a bee manakeng a aletare ya ditjheso; madi a setseng kaofela o tla a tshollela fatshe aletareng.

31O tla nka mafura a yona kaofela, jwalokaha ho nkwa mafura a sehlabelo sa teboho, mme moprista o tla a tjhese aletareng, e be monko o monate ho Jehova; moprista o tla mo etsetsa jwalo pheko ya sebe seo a se entseng, mme o tla se tshwarelwa.

32Ha ekaba a hlahisa nku ya sehlabelo sa sebe, o tla hlahisa e tshehadi, e sa nang sekodi.

33A bee letsoho la hae hloohong ya nku ya sehlabelo sa sebe, a e hlabe bakeng sa sebe sa hae moo ho hlabelwang ditjheso.

34Moprista o tla nka ka monwana wa hae madi a mang a nku, a a bee manakeng a aletare ya ditjheso, mme madi a setseng kaofela a ntoo a a tshollela fatshe aletareng.

35O tla nka mafura kaofela kamoo ho nkwang mafura kateng, a nku e tona ya sehlabelo sa teboho, mme moprista o tla e tjhesa aletareng, e be sehlabelo se tjheseditsweng Jehova ka mollo. Moprista o tla mo etsetsa jwalo pheko ya sebe seo a se entseng, mme o tla se tshwarelwa.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help